TSHENOLO 21 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Mahodimo a matjha le lefatshe le letjha.

1Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha; hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile, le lona lewatle le ne le se le le siyo.

2Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.

3Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.

4Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.

5Jwale ya dutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A ntoo re ho nna: Ngola; hobane dipolelo tseo di tiile; ke tsa nnete.

6A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.

7Ya hlolang o tla ja lefa la ntho tsohle, mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.

8Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.

Jerusalema e motjha.

9Jwale lengeloi le leng la a supileng a neng a tshwere dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tsa qetello tse supileng, la tla, la re ho nna: Tloo, ke o bontshe monyaduwa, eo e leng mosadi wa Konyana.

10Yaba le nkisa ka moya hodima thaba e kgolo, e phahamileng, la ntoo mpontsha motse o moholo, Jerusalema ya halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo,

11o kganya ka kganya ya Modimo: lesedi la wona le tshwana le la lehakwe la bohlokwa, le kang lejwe la jaspe e bonaletsang jwaloka kristale.

12O dikeditswe ke lerako le leholo le phahamileng; o kenwa ka menyako e leshome le metso e mmedi; mangeloi a leshome le metso e mmedi a eme menyakong ya wona; mme mabitso a ngodilwe hodima yona, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.

13Ka nqa ya botjhabela menyako e meraro; ka nqa ya leboya menyako e meraro; ka nqa ya borwa menyako e meraro, le ka nqa ya bophirimela menyako e meraro.

14Lerako la motse le na le metheo e leshome le metso e mmedi eo ho ngodilweng ho yona mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.

15Ya buang le nna o ne a tshwere leqala la kgauta la ho lekanya motse le menyako ya wona le lerako la wona.

16Motse o na le dikgutlo tse nne; bolelele ba wona bo lekana le bophara ba wona; ha o se o lekanntswe ka leqala, ha fihlelwa ho le stadia tse dikete tse leshome le metso e mmedi; bolelele, le bophara, le bophahamo ba wona bo a lekana.

17A ntoo lekanya lerako la wona, mme a fihlela ho le ditswe tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, ka tekanyo ya motho, e leng ya lengeloi.

18Lerako la motse le hahilwe ka majwe a jaspe; motse wona e le kgauta feela e hlwekileng, e kang seipone se hlwekileng.

19Metheo ya lerako la motse e kgabisitswe ka mahakwe a mefutafuta, a bohlokwa. Motheo wa pele ke wa jaspe; wa bebedi wa safire; wa boraro wa kalsedone; wa bone wa emerauda;

20wa bohlano ke wa sardonise, wa botshelela wa sardone, wa bosupa wa krisolithe, wa boroba meno e le mmedi wa berile, wa boroba mono o le mong wa topase, wa leshome wa krisoprase, wa leshome le motso o mong wa hiasinthe, wa leshome le metso e mmedi wa amethiste.

21Menyako e leshome le metso e mmedi ke diperela tse leshome le metso e mmedi; monyako o mong le o mong o entswe ka perela e le nngwe; lepatlelo la motse lona ke kgauta e ntle jwaloka seipone se bonaletsang.

22Haele tempele, ha ke a ka ka e bona ho wona; hobane Morena Modimo o matla wohle le Konyana ke tempele ya wona.

23Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.

24Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, mme marena a lefatshe a tla tiisa teng kganya le hlompho ya wona.

25Menyako ya wona e ke ke ya kwalwa motshehare, etswe bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng ho wona.

26Ho tla tliswa ho wona kganya le hlompho ya ditjhaba.

27Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help