DIPESALEME 110 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thoko tsa eo e leng moprista ka mokgwa wa Melkisedeke.Pesaleme ya Davida.

1Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.

2Jehova o ya otlolla Sione molamu wa matla a hao: hloma mmuso wa hao hara dira tsa hao.

3Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.

4Jehova o hlapantse, a ke ke a kweneha; o itse: O moprista ka ho sa yeng kae, ka mokgwa wa Melkisedeke.

5Morena, ya leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la kgalefo ya hae.

6O tla ahlola hara ditjhaba; hohle ho tla tlala ditopo, o tla thumakanya dihlooho dinaheng tse ngata.

7Ha a ntse a eya, o tla nwa molatswaneng, a ntoo lelatsa hlooho.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help