I SAMUELE 27 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Davida o ya aha Tsiklage; o futuhela dijhabatjhaba tse nqa borwa ho Juda.

1Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.

2Kahoo, Davida a tloha, a ena le batho ba makgolo a tsheletseng, a fetela le bona ho Akishe, mora Maoke, morena wa Gathe.

3Davida a dula jwalo ho Akishe, Gathe, e le yena le banna ba hae, e mong le e mong a ena le ba ntlo ya hae, le yena Davida a ena le basadi ba hae ba babedi, Akinohame wa Jisreele, le Abigaile, mosadi wa Nabale, wa Karmele.

4Yaba Saule o tsebiswa, ha thwe: Davida o balehetse Gathe. Yaba ha a sa mmatla.

5Davida a re ho Akishe: Ha ekaba ke bone mohau ho wena, a nke ke newe motse o mong wa naha ena moo nka dulang teng; hobane mohlanka wa hao a ka dula jwang le wena motseng wa moreneng na?

6Mohlang oo, Akishe a mo nea Tsiklage; ka baka leo, Tsiklage ke motse wa marena a Juda le kajeno.

7Haele palo ya matsatsi a Davida ao a a dutseng naheng ya Bafilesta, ke selemo se le seng se nang le kgwedi tse nne.

8Ha a le teng, Davida le banna ba hae ba futuhela Bageshure, le Bagirese, le Baamaleke, e leng beng ba naha eo, ho isa Shure, le naheng ya Egepeta.

9Davida a hlola fatshe la bona, ho se ke ha pholoha monna leha e le mosadi, a tla le dinku, le dikgomo, le diesele, le dikamele, le diaparo; a kgutla, a tla le tsona ho Akishe.

10Akishe a botsa, a re: Le be le futuhetse kae kajeno? Davida a re: Re tswa futihela nqa borwa ho Juda, le nqa borwa ho Bajerahemeele, le nqa borwa ho Bakene.

11Davida o ne a sa lese monna leha e le mosadi a phela, le ho ba tlisa Gathe, a re: Ba se ke ba ya bua ka rona, ba re: Re entswe jwalo ke Davida. Ya eba wona mokgwa wa hae wa tshiu tsohle tseo a di dutseng naheng ya Bafilesta.

12Akishe yena a tshepa Davida, a re: Ruri, o ikentse ya nkgang hampe ho setjhaba sa habo sa Baiseraele; e tla nne e be mohlanka wa ka kamehla.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help