JOSHUA 16 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Naha ya leloko la Efraime.

1Naha e laoletsweng bana ba Josefa, moedi wa yona o ne o tloha Jordane mabapa le Jeriko, ho isa metsing a Jeriko nqa botjhabela le lefeelleng le nyolosetsang thabeng ya Bethele ho tswa Jeriko;

2o ntoo tloha Bethele, o lebe Luse, ho ya kena moeding wa Baarke, Atharothe.

3Nqa bophirimela, o theohela moeding wa Bajaflethe, ho isa moeding wa Bethe-Horone ya katlase, le ho leba Gesere; o ntoo ya fella lewatleng.

4Bana ba Josefa, Manasse le Efraime, ba nkile lefa la bona jwalo.

5Moedi wa bana ba Efraime ke ona ka matlo a bona: nqa botjhabela, moedi wa lefa la bona o tloha Atharothe-Addare ho isa Bethe-Horone ya kahodimo.

6Nqa leboya, moedi o leba lewatleng ho ya kena Mikmethate; moedi o ntoo pota Thaanathe-Silo nqa botjhabela, o feta pela teng nqa botjhabela ho isa Janoa.

7O ntoo tswa Janoa, o theohele Atharothe le Naaratha, ho ya fihla Jeriko le ho fella Jordane.

8Nqa bophirimela, moedi o tloha Tappua ho leba nokeng ya Kana, mme o ya fella lewatleng.

Ke leo lefa la leloko la bana ba Efraime, ka matlo a bona.

9Metse e meng ya arolelwa bana ba Efraime lefeng la bana ba Manasse, metse eo yohle e na le metsana ya yona.

10Empa ha ba ka ba leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba ahile le Baefraime, ba ba sebeletsa ba ntse ba ntsha lekgetho ho fihlela kajeno.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help