JOBO 6 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Jobo o a ikarabela.

1Jobo a fetola, a re:

2Hoja ho ka lekanngwa bohloko ba ka; hoja le bomadimabe ba ka le bona bo ne bo ka bewa sekaleng!

3bo ne bo tla fetisa lehlabathe la lewatle ka boima; ke ka baka leo mantswe a ka a rwalletseng.

4Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.

5Na pitsi e ka lla pela jwang? Kapa kgomo e ka bokolla pela furu ya yona?

6Se tapileng a se ka jewa ha ho se na letswai? Na mothwebe o mosweu wa lehe a o na le ho utlwahala na?

7Moya wa ka o hana ho di ama; ho nna ke dijo tse manyala.

8Oho! Hola kopo ya ka e be e ka etsahala, mme Modimo wa nnea se lebeletsweng ke nna!

9Hola Modimo o ka dumela ho nthubakanya, wa otlolla letsoho la wona, wa mpolaya.

10E ne e tla ba tshediso ho nna; e, ke ne ke tla thaba bohlokong bona bo tshabehang; hobane ha ke a ka ka tlola ditaelo tsa Ya halalelang!

11Matla a ka keng hore ke be le tshepo? Tshepo ya ka keng hore ke tle ke mamelle?

12Na matla a ka ke matla a lejwe na? Mmele wa ka a ke koporo na?

13Ha ke re, ha ho kamoo nka thuswang kateng? Ha ke re, topollo yohle e hole le nna?

14Motswalle wa ya swabileng e ka kgona a mmontshe lerato; ha ho se jwalo a ka tshoha a lesa ho tshaba Ya matla wohle.

15Banabeso ba tletse thetso jwaloka phororo, jwaloka metsi a molatswana a nyamellang;

16a ba maduke ke leqhwa, mme lehlwa le itihela teng.

17A timela mohla ho futhumetseng, a monyela ha letsatsi le tjhesa.

18Metjha ya ho matha ha wona e a dikadika; a fetoha mowane, a fela.

19Makaba a Thema a a batla, dihlopha tsa baeti ba Seba di bea tshepo ya tsona teng.

20Ba hlajwa ke dihlong tshepong ya bona; ha ba fihla teng, ba swaba.

21Ho dutse jwalo le lona, ha le letho; le bona bomadimabe ba ka, mme le a tshoha.

22Hleka ke itse: Mpheng? kapa: Mphomosetseng ka ntho ya monono wa lona,

23le be le nnamolele letsohong la sera, le ntopolle letsohong la batubi na?

24Nthuteng, ke tla kgutsa; le ntlhalosetse moo ke fositseng teng.

25Puo tsa nnete di matla hakakang! Empa dikgalemelo tsa lona di kgalemela eng na?

26Na a ke dipolelo tsa ka tseo le ratang ho di kgalemela na? Na ditaba tsa ya tsherehaneng, na ke moya feela o yang le tsona na?

27Le mpa le le ba ka akgelang letlowa hodima kgutsana, le ho rekisa ka motswalle wa lona.

28Jwale, le mpeng le ntadime, mme mahlo a lona a tla bona ha ke le leshano.

29Kgutlang hle! ho sa lokang ho be siyo! Kgutlang, taba ya ka e sa lokile le jwale.

30Hleka le re, ho sa lokang ho teng lelemeng la ka, kapa na mahalapa a ka ha a tsebe ho kgetha bokgopo na?

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help