DIPESALEME 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thapelo ya hosasa, ya motho ha a tla kena tlung ya Modimo.Ho monga baphokodi. Ka tse letswang ka molomo. Pesaleme ya Davida.

1Jehova, sekehela ditaba tsa ka ditsebe, o utlwe masisapelo a ka!

2Mamela lentswe la ka le howeletsang ho wena, Morena wa ka le Modimo wa ka! hobane ke rapela wena.

3Jehova, o mamele lentswe la ka e sa le kameso; e sa le kameso ke tadima ho wena, mme ke a lebella.

4Hobane ha o Modimo o ratang bobe. Ya kgopo ha a amohelehe ho wena.

5Mawatla a ke ke a ema pela sefahleho sa hao. O hloile bohle ba etsang bokgopo;

6o fedisa ba bolelang leshano. Haele batho ba madi le ba thetso, ke manyala ho Jehova.

7Empa nna, ka mohau wa hao o moholo, ke kena ka tlung ya hao, ke kgumama ka tshabo tempeleng ya hao e kgethehileng.

8Jehova, ntsamaise ho lokeng ha hao, ka baka la ba ntwantshang; o lokise tsela ya hao pela ka. Hobane ha ho nnete melomong ya bona, ke thato ya ho senya feela;

9lehano la bona ke lebitla le ahlamileng, ba qeka ka leleme la bona.

10O ba otle, Modimo, ba dihuwe ke merero ya bona. O ba dihe ka baka la dibe tsa bona tse ngata, hobane ba ikgantsheditse wena.

11Empa ba o tshepileng kaofela ba tla thaba, ba be ba nyakalle ka ho sa yeng kae, hobane o tla ba sireletsa; ba ratang lebitso la hao ba tla nyakallela wena.

12Hobane wena, Jehova, o hlohonolofatsa ya lokileng, ka mohau wa hao o mo sireletsa ka mokgwa wa thebe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help