SEFELA SA SALOMONE 6 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Moratuwa wa hao o ile kae, wena e motle hara basadi? Mokgotsi wa hao o lebile kae? Re tla mmatla le wena.

2Moratuwa wa me o theohetse serapeng sa hae, pela ditema tsa dinonetso, ho fudisa hara difate le ho kga mehaladitwe.

3Ke wa moratuwa wa me, mme moratuwa wa me, yena, ke wa me, o fudisa hara mehaladitwe. —

4Thatohatsi ya ka, o motle jwaloka Thirtsa, o lakatseha jwaloka Jerusalema; le teng o tshabeha jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona.

5Faposa mahlo a hao ho nna, etswe a mpherekanya. Thitsane ya hao eka mohlape wa dipodi tse fulang meepeng ya Gileade.

6Meno a hao a jwaloka mohlape wa dinku tse tswang ho hlatsuwa; kaofela ha tsona di tswetse mafahla, ha ho e nngwe ho tsona e nyopileng.

7Marama a hao eka dipatsolo tsa kharanata kamora lesira la hao ...

8Mafumahadi a borena a teng moo a mashome a tsheletseng, a nang le direthe tse mashome a robileng meno e le mmedi, le barwetsana ba sa balweng.

9Empa leebanakgorwana la ka, mohlweki wa ka, o mong feela; ke ngwana ya nnotshi ho mmae, moratuwa wa ya mo tswetseng. Barwetsana ba mmone, mme ba re, o lehlohonolo; mafumahadi le direthe ba mo rorisa.

10Elwa ke mang ya hlahang jwaloka mafube, e motle jwaloka kgwedi, ya hlwekileng jwaloka letsatsi, ya tshabehang jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona?

11Ke theohetse serapeng sa difate tsa diperekisi, ho lekola botala bo botjha ba phula, ho bona merara ha e se e fina masihla, le kharanata ha e se e thunya.

12Ha ke a ka ka tseba hobane moya wa me o nkisitse pela makoloi a setjhaba sa mahosana.

13Kgutla, kgutla, Sulamithe; kgutla, kgutla, re tle re o tadime. — Na le tadimelang Sulamithe jwalokaha eka e le diema tse pedi tsa mohobelo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help