DIPESALEME 88 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Tlaleho ya motho ya leng mahlomoleng.Sefela. Pesaleme ya bana ba Kore. Ho monga baphokodi, e tle e binwe ka phala. Pina ya Hemane, Moesrahi.

1Jehova, Modimo wa poloko ya ka, ke howa pela hao motshehare le bosiu.

2Thapelo ya ka a e ke e fihle ho wena; o sekehele mohoweletso wa ka tsebe!

3Hobane moya wa ka o kgotse ditlokotsi, mme bophelo ba ka bo sekamela nqalong ya bafu.

4Ke badilwe le ba theohelang lebitleng; ke jwaloka motho ya feletsweng ke matla;

5ke ya lahlilweng hara bafu; ke jwaloka babolauwa ba robetseng lebitleng, bao o sa hloleng o ba hopola, ba kgaohaneng le wena.

6O ntahletse lemeneng le sekoti, lefifing, botebong, tlasetlase.

7Kgalefo ya hao e nkimetse, maqhubu a hao kaofela a nkgateletse. (Sela.)

8O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.

9Mahlo a ka a monyela ke tlokotsi. Jehova, ke o rapela ka ditshiu tsohle, ke otlollela matsoho a ka ho wena.

10Na o tla etsetsa bafu mehlolo? Na ba shweleng ba tla tsoha ho tla o rorisa na? (Sela.)

11Hleka mohau wa hao o ya bolelwa lebitleng, le nnete ya hao moahong wa lefu na?

12Kapa mehlolo ya hao a e tla lemohuwa lefifing, le ho loka ha hao fatsheng la tebalo na?

13Ke howeletsa ho wena ke hona, Jehova, mme thapelo ya ka e hlaha pela hao e sa le kameso.

14Jehova, o lahlelang moya wa ka? O mpatela sefahleho sa hao keng?

15Ke madimabe, ke ntse ke eshwa esale le botjheng ba ka, ke tshoswa ke matshabeho a hao, mme ke tsielehile.

16Kgalefo ya hao e tukang e nkwetse hodimo; ke fediswa ke matsoso a hao;

17a nkopetse jwaloka metsi ka letsatsi le leng le le leng, a kopane hammoho ho ntika kahohle.

18O suthiseditse hole le nna metswalle ya ka le dithaka tsa ka; tseo ke tsebanang le tsona ke nqalo tsa lefifi.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help