DEUTERONOMA 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ditokelo tsa baprista ba Balevi.

1Baprista ba Balevi, leloko lohle la Levi, ba ke ke ba eba le kabelo, leha e le lefa, jwaloka Baiseraele ba bang; ba tla ja mahlabelo a Jehova a ditjheso, le lefa la hae.

2Ba ke ke ba eba le lefa hara banababo bona; Jehova ke lefa la bona, jwalokaha a ba boleletse.

3Tseo baprista ba tla ba le tokelo ya ho di nka ho ba hlahisetsang Modimo sehlabelo, ke tsena: leha e ka ba kgomo, kapa nku, ho newe moprista letsoho, le dihlaya, le mohodu.

4O mo nee le dilopotsiya tsa koro ya hao, le tsa veine e ntjha ya hao, le tsa ole ya hao, le dilopotsiya tsa boya ba dinku tsa hao.

5Hobane Jehova, Modimo wa hao o mo kgethile hara meloko ya hao yohle, hore a eme pela hae ho sebetsa ka lebitso la Jehova, e le yena le bara ba hae kamehla.

6Ekare ha Molevi a etswa motseng o mong wa metse ya hao, nqalong tsohle tse Iseraeleng tseo a ahileng ho tsona, mme a etla ka takatso yohle ya moya wa hae nqalong eo Jehova a tla e kgetha;

7o tla etsa tshebeletso ya teng ka lebitso la Jehova, Modimo wa hae, jwaloka banababo bohle ba Balevi ba emang teng pela Jehova,

8a je kabelo e tshwanang le tsa ba bang, ho sa balwe seo a ka bang le sona ka thekiso ya ntho tsa baholo ba hae.

Bonohe le boupelli.

9Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona, o ke ke wa ithuta ho etsa ka manyala a ditjhaba tsa teng.

10Ho se ke ha fumanwa haeno motho ya fetisang mora wa hae, leha e le moradi wa hae mollong, leha e le mophofi ya phofang, kapa selaodi se laolang, kapa senohe, kapa moloi,

11le moupelli, leha e le ya botsang badimo, le ngaka e reng e a porofeta, leha e le ya botsang bafu;

12hobane bohle ba etsang ditaba tseo, ba manyala ho Jehova, mme ke ka baka la manyala ao Jehova, Modimo wa hao, a falatsang ditjhaba tseno pela hao.

13O be wa Jehova, Modimo wa hao, ka botho ba hao bohle.

14Hobane ditjhaba tseno o tla rua lefatshe la tsona, di mamela dilaodi le dinohe; empa haele wena, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a o dumella ho etsa tse jwalo.

Baporofeta.

15Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlahisetsa moporofeta ya tswang haeno, hara banabeno ya jwaloka nna; le tla utlwa yena;

16jwaloka ha o kile wa kopa ho Jehova, Modimo wa hao, Horebe, tsatsing la phutheho, wa re: Ke se ke ka boela ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa ka; mme ke se hlole ke bona mollo oo o moholo, ke tle ke se ke ka shwa:

17mme Jehova a re ho nna: Seo ba se boletseng ba se buile hantle;

18ke tla ba hlahisetsa moporofeta ya tswang hara banababo bona, ya jwaloka wena; ke tla bea mantswe a ka molomong wa hae, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.

19Etlare ha e mong a ka hana ho utlwa mantswe a ka ao a tla a bolela ka lebitso la ka, ke nna ke tla mmotsa hoo.

20Empa haele moporofeta ya ipeang ka boikgohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba eo ke sa kang ka mo laela yona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la medimo esele, moporofeta eo a shwe.

21Ekare ha o re pelong ya hao: Na re tla kgetha jwang lentswe le sa kang la bolelwa ke Jehova?

22ke re: Etlare moporofeta eo, ha a bolela taba ka lebitso la Jehova, mme taba e boletsweng ke yena e sa hlahe, e sa etsahale etlaba ke taba eo Jehova a sa kang a e bolela; moporofeta eo o e boletse ka boikgohomoso; se mo tshabe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help