1Mora wa ka, o ele bohlale ba ka hloko, o sekehele thuto ya ka tsebe;
2o tle o ipolokele masene, mme molomo wa hao o boloke tsebo.
3Hobane molomo wa mosadi wa seotswa o rothisa dinotshi, lehano la hae le boreledi jwaloka mafura.
4Empa bofello ba taba tsa hae bo baba jwaloka lengana, bo hlaba jwaloka lerumo le mahale a mabedi.
5Maoto a hae a theohela lefung, mehato ya hae e fella nqalong ya bafu.
6Ha a re letho ka mokgwa wa ho phela ha hae, metsamao ya hae e a dikadika, ha e na ho tsejwa.
7Mme jwale, lona bana, nkutlweng, le se ke la ba la kgeloha ditaba tsa molomo wa ka.
8Tsela ya hao o e fetise hole le yena, o se ke wa atamela monyako wa ntlo ya hae;
9esere mohlomong wa nea ba bang bokgabane ba hao, le dilemo tsa hao wa di senyetsa ho ya soro;
10esere mohlomong ba mofuta osele ba kgora leruo la hao, mme mesebetsi eo o e bokeletseng ya fetela matlung a ba sa tsejweng.
11Mme qetellong wa bokolla ha ho senyeha dinama tsa mmele wa hao,
12wa re: Na ke ne ke hane tayo jwang? Pelo ya ka e ne e hloetseng kgalemelo na?
13Ana ha ke a ka ka mamela mantswe a ba neng ba nthuta keng, le ho sekehela baruti ba ka tsebe?
14Jo! ke batlile ke wela bobeng bo fetisisang hara bongata ba batho le phutheho.
15O nwe metsi a sekoti seo o se tjhekileng, metsi a phallang meeding ya sediba seo e leng sa hao.
16Na didiba tsa hao di ka kollela sebakeng jwang? Melatswana ya tsona e ka phallela mabaleng a motse na?
17E be leruo la hao o nnotshi, o se ke wa di kopanela le ba bang.
18Sediba sa hao se ke se hlohonolofale; o thabele mosadi wa botjha ba hao, ya ratehang jwaloka kgama, ya kgahlehang jwaloka tshephe; sefuba sa hae se nne se o kgodise kamehla;
19lerato la hae le o thabise pelo ka ditshiu tsohle.
20Mora wa ka, o ka hapuwa jwang ke mosadi wa letekatsi, wa ikamanya jwang sefuba sa mosadi osele na?
21Hobane metsamao ya motho e pontsheng ho Jehova; ke yena ya lekolang mehlala ya hae yohle.
22Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.
23O tla shwa ke ho se rutehe, a lahlehe ke bowatla bo boholo ba hae.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.