I MARENA 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Kamora matsatsi a mangata, lentswe la Jehova la tlela Elia, e le ka lemo sa boraro, la re: Eya, o itlhahise ho Akabe ke se ke tla nesa pula lefatsheng.

2Elia a ya itlhahisa ho Akabe. Mme tlala e ne e le kgolo Samaria.

3Akabe a bitsa Obadia, molebedi wa ntlo ya borena; haele Obadia, o ne a tshaba Jehova haholo.

4Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.

5Akabe a re ho Obadia: Eya le naha didibeng tsohle tsa metsi le melatswaneng yohle; mohla ope re ka fumana jwang, re pholose dipere le diesele, esere ra timellwa ke diphoofolo tsohle.

6Ebile ba arolelana naha ho ya le yona yohle; Akabe a ya a nnotshi ka tsela e nngwe, le Obadia a ya a nnotshi ka tsela esele.

7Obadia ha a le tseleng, a bona Elia a mo kgahlanyeditse; a mo tseba, a inama ka sefahleho, a re: A ke wena Elia, monga ka, na?

8Yena a re: Ke nna; eya ho monga hao, o re: Elia ke enwa.

9Obadia a re: Ke entse sebe sefe, ha o neela mohlanka wa hao matsohong a Akabe, hore a mpolaye?

10Ka Jehova, Modimo wa hao o utlwang, ha ho setjhaba, leha e le mmuso, moo monga ka a sa kang a romela ho o batla; ha ho no ho thwe, ha o yo, o ne a antsha ba mebuso yohle le ditjhaba tsohle ka ho re, ha ba ka ba o bona.

11Jwale, o bolela, o re: Eya ho monga hao, o re: Elia ke enwa.

12Athe, etlare ke sa tloha ho wena, moya wa Jehova o tla o isa moo ke sa tsebeng; jwale ha ke eya, ke tsebisa Akabe, mme a sa o fumane, o tla mpolaya; athe nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tshaba Jehova, esale le botjheng ba ka.

13Ana monga ka, ha o eso ho bolellwe seo ke se entseng, mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, kamoo nkileng ka pata batho ba mashome a mahlano lehaheng le leng kateng, ho le leng ka pata ba bang ba mashome a mahlano, e le baporofeta ba lekgolo ba Jehova, ka ba fepa bohobe le metsi na?

14Mme jwale o re: Eya ho monga hao, o re: Elia ke enwa! Ruri o tla mpolaya!

15Elia a re: Ka Jehova wa makgotla ya phelang, eo ke emeng pela hae, ke fela ke tla itlhahisa ho yena kajeno.

16Ebile Obadia o ya kgahlanyetsa Akabe, a mo tsebisa; mme Akabe a tla ho kgahlanyetsa Elia.

17Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?

18Yena a re: Hase nna ke ferekanyang Iseraele, ke wena le ntlo ya ntatao, etswe le furaletse melao ya Jehova, mme o latetse Bobaale.

19Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.

20Ebile Akabe o romela ho bana bohle ba Iseraele, a bokella le baporofeta thabeng ya Karmele.

21Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.

22Hape, Elia a re ho setjhaba: Ke setse ke nnotshi ho baporofeta ba Jehova, athe baporofeta ba Baale ke batho ba makgolo a mane a mashome a mahlano.

23Re neeng poho tse pedi; ba ikgethele poho e nngwe, ba e pomahanye, ba e bee hodima patsi; feela, ba se ke ba hotetsa mollo. Le nna ke tla lokisa poho e nngwe, ke e bee hodima patsi, ke se ke ka hotetsa mollo.

24Le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona, le nna ke bitse lebitso la Jehova, mme modimo o tlang ho araba ka mollo a e be ke wona Modimo! Setjhaba sohle sa re: O boletse hantle.

25Jwale, Elia a re ho baporofeta ba Baale: Ikgetheleng poho e nngwe; le e lokise pele, hobane le bangata, le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona; feela, le se ke la hotetsa mollo.

26Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.

27Motshehare o moholo, Elia a ba soma, a re: Howeletsang haholo; hobane ke modimo; ekaba o imametse, kapa o ile nqa e nngwe, kapa o etile, kapa o robetse, o tshwanetse ho tsoswa.

28Ba howeletsaka, mme ka mokgwa wa bona, ba itlhabaka ka dithipa le ka marumo, madi a ba a keleketla ho bona.

29Motshehare wa mantsiboya, ba be ba ntse ba porofeta; ha e batla ho ba nako ya ho hlahisa sehlabelo, ho no ho eso ho be lentswe, ho se karabo, ho se ya ba mamelang.

30Yaba Elia o re ho setjhaba sohle: Nkatameleng! Setjhaba sohle sa mo atamela. A tsosa aletare ya Jehova e heleditsweng.

31Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ka palo ya meloko ya bara ba Jakobo, eo lentswe la Jehova le neng le tlile ho yena, la re: Lebitso la hao e tla ba Iseraele.

32Ka majwe ana, a haha aletare ka lebitso la Jehova, a tjheka moedi o potang aletare, o lekanang sebaka se ka jalwang ka peo e ditekanyo tse pedi.

33A tshekahanya patsi, a pomahanya poho, a e bea hodima patsi, a re: Tlatsang dinkgo tse nne ka metsi, le tshele sehlabelo le patsi ka wona.

34A ba a re: Phetang la bobedi. Ba boela ba etsa. A re: Phetang la boraro. Ba etsa la boraro.

35Mme metsi a pota aletare, le moedi wa tlala metsi.

36Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.

37Nkutlwe, Jehova, o nkutlwe, hore setjhaba sena se tle se tsebe hobane ke wena, Jehova, o leng Modimo, le hobane o boetse o kgutlisitse dipelo tsa bona.

38Yaba mollo wa Jehova wa theohela, o nyameletsa sehlabelo, le patsi, le majwe, le lerole, wa monya le metsi a ka moeding.

39Setjhaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka difahleho, sa re: Jehova ke Modimo! Jehova ke Modimo!

40Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.

41Yaba Elia o re ho Akabe: Nyoloha, o je, o nwe, hobane ho utlwahala modumo wa pula e kgolo.

42Akabe a nyoloha ho ja le ho nwa, Elia yena a hlwella hodima Karmele; a inama fatshe, a bea sefahleho sa hae pakeng tsa mangole a hae.

43A re ho mohlanka wa hae: Ako nyolohe, o tadime ka nqa lewatleng. A nyoloha, a tadima, a re: Ha ho letho. Elia a re: Boella hasupa.

44La bosupa, a re: Ke bona lerunyana le ka ka seatla sa motho, le nyoloha lewatleng. Elia a re: Nyoloha, o re ho Akabe: Bofa, o theohe, esere mohlomong wa thibellwa ke pula.

45Ho se hokae, mahodimo a ntshofala ke maru le ke moya, ha na pula e kgolo.

46Akabe a kena koloing, a ya Jisreele. Letsoho la Jehova la eba hodima Elia: a itlama letheka, a titima pela Akabe ho ya fihla kgorong ya Jisreele.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help