1Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O emelang thoko, o tle o se ke wa mpoloka, o se ke wa nkutlwa ha ke howeletsa?
2Modimo wa ka, ke bitsa motshehare, mme ha o arabe; le bosiu, mme ha ke bone phomolo.
3Leha ho le jwalo, o Mohalaledi; dithoko tsa Iseraele di teela terone ya hao hare.
4Bontata rona ba nna ba bea tshepo ya bona ho wena, ba bea tshepo ya bona, mme wa ba pholosa;
5ba phahamisetsa mehoo ya bona ho wena, mme ba phonyoha; ba itshepela wena, mme ha ba ka ba swaba.
6Empa nna, ke seboko, ha ke motho; ke mojaradihlong ho batho, le molahluwa wa setjhaba.
7Ke sesomo sa bohle ba mponang; ba swenya melomo ya bona, ba oma ka hlooho,
8ba re: O itshepetse Jehova, a ke a mo pholose, a mmoloke, haele moo a kgahliswa ke yena!
9Efela ke wena ya nntshitseng popelong, wa nna wa ntshepisa matsweleng a mme,
10ka nna ka o tshepa esale ke tswalwa; esale le mpeng ya mme o le Modimo wa ka.
11O se ke wa ba hole le nna, hobane matswalo a haufi, mme ha ke na ya nthusang.
12Ke dikilwe ke dipoho tse ngata, dipoho tse bohale tsa Bashane di nkopetse.
13Di ahlamisetsa melomo ya tsona ho nna jwaloka tau e harolang, e purumang.
14Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;
15matla a ka a omile jwaloka lengeta, leleme la ka le manne mahalapeng a ka, o nthobaditse leroleng la lefu.
16Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.
17Nka bala masapo a ka kaofela; bona, ba ntadima, ba kgodisa mahlo a bona ka nna.
18Ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola kobo ya ka.
19Empa, wena, Jehova, o se ke wa suthela hole le nna! Wena, o leng matla a ka, o phakise ho nthusa!
20O lwele bophelo ba ka lerumong, ke bona feela bo setseng ho nna, o bo lwele marong a dintja.
21O nkgule molomong wa tau, o nkarabe ka ho mpholosa dinakeng tsa dinare.
22Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o rorise hara phutheho.
23Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!
24Hobane ha a ka a nyedisa, ha a ka a kgesa bohlomohi ba ya hlomohileng, ha a ka a mo patela sefahleho sa hae; empa a nna a mamela mehoo eo a neng a e phahamisetsa ho yena.
25O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang.
26Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng.
27Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;
28hobane mmuso ke wa Jehova, ke yena ya renang hodima ditjhaba.
29Ba jang menono ya lefatshe ba tla tla, ba je, ba rapele; o tla kgumamelwa ke bohle ba theohelang leroleng, le ke ba sitwang ho iphedisa.
30Ditloholo tse tlang ho hlaha di tla mo sebeletsa, moloko o tlang o tla bolellwa kganya ya Morena.
31Ba tla tla, ba bolele ho loka ha hae, ba bolelle setjhaba se tlang ho tswalwa hoba ke yena ya entseng hoo.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.