I MARENA 17 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Moporofeta Elia. — Tsebiso ya hoba letsatsi le tla ema. — Elia o fepjwa ke makgwaba nokaneng ya Kerithe. — O tshabela ho mosadi wa mohlolohadi Sarepta. — O itlhahisa ho Akabe. — Baporofeta ba Baale. — Pula. — Elia o balehela lefeelleng. — Elisha o bewa tulong tsa hae.

1Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.

2Yaba lentswe la Jehova le tlela Elia, la re:

3Tloha mona, o ye nqa botjhabatsatsi, o ipate molatswaneng wa Kerithe o mabapa le Jordane.

4O tla nwa molatswaneng; ke se ke laetse makgwaba hore a nne a o fepe teng.

5A tloha, a etsa ka taelo ya Jehova, a ya dula molatswaneng wa Kerithe o mabapa le Jordane.

6Makgwaba a nna a mo tlisetsa bohobe le nama hosasa, bohobe le nama mantsiboya; o ne a enwa metsi a molatswana.

7Ha isaisa, molatswana wa epsha, kahobane pula e be e sa ne lefatsheng.

8Yaba lentswe la Jehova le tlela Elia, la re:

9Tloha, o ye Sarepta wa Sidone, o dule teng; bona, ke laetse mosadi wa mohlolohadi wa teng hore a o fepe.

10Ebile o tloha, a ya Sarepta; ha a kena ka kgoro ya motse, a bona teng mosadi wa mohlolohadi ya rwallang patsi; a mmitsa, a re: Ako ntlisetse metsana ka mohope, ke nwe.

11Ha a a lata, a mo kopa hape, a re: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe ka letsoho la hao.

12Mosadi a re: Ka Jehova, Modimo wa hao o phelang, ha ke na leha e le senkgwa, haese phofjwana e pitseng e ka tlatsang seatla, le olenyane sehong; bona, ke be ke rwalla thupana tse pedi, hore ke ye, ke lokisetse nna le mora ka, re tle re je, re ntoo shwa.

13Elia a re ho yena: Se tshabe; etsa kamoo o boletseng kateng, o mpe o etsetse nna senkgwanyana pele, o ntlisetse sona; kamorao, o etsetse wena le mora hao.

14Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Phofo e ka pitseng ha e ka ke ya fela, le ole e ka sehong ha e ka ke ya fela, ho be ho fihle letsatsi leo Jehova a tla nesa pula lefatsheng.

15A ya, a etsa ka polelo ya Elia. Elia, le mosadi, le ntlo ya hae, ba eja ka matsatsi.

16Phofo e ka pitseng ha e a ka ya fela, le ole e ka sehong ha e a ka ya fela, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka Elia.

17Kamora tseo, mora mosadi, mong a ntlo, a kula; bohloko ba mo totela haholo, ha ba ha fela moya ka ho yena.

18Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?

19Elia a re ho yena: Nnee mora hao. Elia a mo nka sefubeng sa hae, a mo isa phaposing e kahodimo, moo a dulang teng, a mo robatsa diphateng tsa hae.

20A howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa ka, ho ya kang, ha o hlahiseditse mosadi enwa wa mohlolohadi, eo ke dulang ha hae, kotsi, ka ho bolaya mora hae?

21Ebile o paqama hodima ngwana hararo, a howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa ka, moya wa ngwana a o ke o boele ka ho yena!

22Jehova a utlwa lentswe la Elia, mme moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, a boela a phela.

23Ebile Elia o nka ngwana, a mo theosa phaposing e kahodimo a mo isa ka tlung, a mo neela mmae; mme Elia a re: Bona, mora hao o a phela.

24Mosadi a re ho Elia: Ke a tseba jwale hobane o monna wa Modimo, le hobane polelo ya Jehova, e molomong wa hao, ke ya nnete.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help