1Bokang Jehova!
Moya wa ka, o rorise Jehova!
2Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng!
3Le se ke la itshepela marena, leha e le bana ba batho ba sitwang ho pholosa motho!
4Phefumoloho ya bona ha e fela, ba kgutlela leroleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ya bona e fedile.
5Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e beilweng ho Jehova, Modimo wa hae!
6O entse mahodimo le lefatshe, lewatle le tse ho lona kaofela, o boloka nnete ka ho sa feleng.
7O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa;
8Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng.
9Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.
10Jehova o rena ka ho sa yeng kae. Modimo wa hao, Sione, o ntse o le teng melokong yohle. Bokang Jehova!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.