1Silefera e na le moo e rafshwang teng, kgauta e na le moo e tjhekwang teng, hore e be e hlwekiswe;
2tshepe e ntshwa mobung, mme koporo e ntshwa lejweng la yona ha le qhibidihiswa.
3Motho o hlola lefifi, o qamakisisa ho fihlela dibakeng tse tebileng, hore a fumane lefika le patilweng lefifing le letsho, le tshabehang.
4O tjheba sekoti hole le moo batho ba ahileng teng; teng o lebetswe ke batho bohle, o lepella a fanyehilwe ka marapo hole le batho, a ntse a akgelwa mane le mane.
5Lefatshe le tswang dijo, ha le fuduwa bohareng ba lona, le tsekema jwaloka mollo.
6Majweng a lona ho tswa safire le lerole la kgauta;
7ha ho lenong le tsebang tsela ya teng, mahlo a letlaka ha a fihle teng;
8ha e hatwe ke dibatana tse hlaha tsa naha, tau e purumang ha e fete teng.
9Motho o kenya letsoho la hae lefikeng le thata, o ripitla dithaba ka metsong ya tsona;
10o betla diforo mafikeng, leihlo la hae le bona dintho tsa bohlokwa kaofela;
11o thibela metsi a dutlang; o hlahisetsa leseding tse neng di patilwe.
12Empa bohlale bo fumanwa kae? Kutlwisiso e dutse nqalong efe?
13Motho a ke ke a lekanya bohlokwa ba jona; ha bo fumanwe lefatsheng la ba phelang.
14Bodiba bo re: Ha bo yo ho nna; lewatle le re: Ha ke na jona.
15Kgauta e hlwekileng e ke ke ya bo reka; silefera e ke ke ya lekanyeletswa theko ya jona;
16kgauta e hlwekileng a Ofire e ke ke ya lekana le jona; bo fetisa onikse le safire.
17Kgauta le kristale ha di bapiswe le jona; leha e le dikgabiso tsa kgauta, di ke ke tsa bo reka;
18diperela le berile di ke ke tsa bolelwa pela jona; hobane bohlale bo fetisa theko ya korale.
19Topase ya Ethiopia ha e lekane le jona, bo ke ke ba theolwa ke kgauta e hlwekileng ka ho fetisa.
20Ha ho le jwalo, bohlale bo tswa kae? Le yona kutlwisiso e dutse nqalong efe?
21Bo patetswe mahlo a ba phelang kaofela, bo patetswe le manong a lehodimo.
22Sekoti le lefu di re: Re utlwile modumo wa jona ka ditsebe feela.
23Modimo ke wona o tsebang tsela ya jona, o tseba moo bo dulang teng;
24hobane o bona ho isa pheletsong tsa lefatshe, o shadima tsohle tse tlasa lehodimo.
25Mohla o laelang boima ba moya, o lekanyang metsi ka tekanyo,
26mohla o beelang pula melao, o bontshang tladi e dumang tsela ya yona;
27ebile hona o bo bonang, o bo bonahatsang; o bo tiisitse, wa ba wa bo leka.
28Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.