ESAIA 8 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho porofetwa phediso ya mebuso ya Siria le Iseraele. — Dinako tsa Messia.

1Jehova a re ho nna: Nka lematjana le sephara, o ngole teng ka diletere tse bonahalang, o re: Ho phakiswe ho hapjwe, ho kgorolwe hang.

2Yaba ke bitsa dipaki tse tshepehang, e leng moprista Uria le Sakaria, mora wa Jeberekia.

3Ke le moporofeta ke ne ke atametse mosadi wa ka, yaba o a emola, a tswala mora; mme Jehova a re ho nna: O mo ree lebitso la Mahere-Shalale-Hashe-Base (ho phakiswe ho hapjwe, ho kgorolwe hang).

4Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.

5Jehova a eketsa a bua le nna, a re:

6Erekaha tjhaba sena se nyatsitse metsi a Siloe a phallang butle, mme se thabetse Retsine le mora wa Remalia,

7ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.

8E tla haola ka naha ya Juda, e phahame, e tswele kantle, metsi a yona a be a fihle molaleng, e otlolle mapheo a yona, e kwahele bophara bohle ba naha ya hao, Emmanuele.

9Hlabang mokgosi, lona ditjhaba; le tla robakwa dikoto. Sekehang ditsebe, lona bohle ba ahileng dinaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto.

10Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.

11Hobane Jehova, mohla letsoho la hae le ntshwereng, a ntemosang hore ke se ke ka ya ka mehlala ya setjhaba sena, o mpoleletse, a re:

12Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.

13Kgethang lebitso la Jehova wa makgotla feela, e be yena feela le mo tshabang, le mo tshohang.

14E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.

15Ba bangata ba bona ba tla kgoptjwa, ba we, ba robehe, ba tshwaswe, ba tshwarwe.

16Phutha bopaki boo, o tiise thuto eo ho barutuwa ba ka.

17Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.

18Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.

19Ha ba ka re ho lona: Botsisisang ba nyollang bafu, le dinohe tse toutang, tse wewetsang, le mpe le re: Hleka setjhaba ha se na ho botsa Modimo wa sona na? Hleka ho ka botswa bafu taba tsa ba utlwang na?

20Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.

21Se tla solla lefatsheng hara hloreho le tlala; ha se lapa, se tla fellwa ke pelo, se rohake morena wa sona le Modimo wa sona; leha se lelala hodimo,

22leha se leba fatshe, e tla ba tsieleho le lefifi le matswalo a tshabehang, mme se tla tebela botshong.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help