DIPESALEME 85 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thapelo ya setjhaba ha se kopa hore se boele se hauhelwe.Ho monga baphokodi. Pesaleme ya bana ba Kore.

1Jehova, o hlohonolofaditse naha ya hao, o kgutlisitse batshwaruwa ba Jakobo;

2o tlositse makgopo a setjhaba sa hao, o apesitse dibe tsohle tsa sona. (Sela.)

3O kgutsisitse bohale bohle ba hao, o timile mollo wa kgalefo ya hao.

4O boele o re ahise, Modimo wa poloko ya rona, o fedise ho itshena ha hao bakeng sa rona.

5Na o ka re halefela kamehla, wa tiisa bohale ba hao kamehla le mehla na?

6Na o ke ke wa boela wa re pholosa, hore setjhaba sa hao se tle se o thabele na?

7Oho Jehova, o re bontshe mohau wa hao, o re sitse ka poloko ya hao.

8Ke tla mamela se bolelwang ke Modimo Jehova; hobane o re, kgotso e be ho setjhaba sa wona, le ho bakgethwa ba hae, ba mpe ba se ke ba kgutlela bohlanyeng!

9Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.

10Mohau le nnete di teane, ho loka le kgotso di akane;

11nnete e mela lefatsheng, mme ho loka ho tadimile ho le mahodimong.

12Efela, Jehova o tla nea lehlohonolo, naha ya rona e ntshe ditholwana tsa yona.

13Ho loka ho tla tsamaya pela hae, ho re etsetsa tsela mehlaleng ya hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help