DEUTERONOMA 27 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Dihlohonolofatso le dithohako, 27 — 30.Taelo ya ho etsa qubu ya majwe mose ho Jordane, ho ngola mantswe a molao teng.

1Moshe le baholo ba Iseraele, ba laela setjhaba, ba re: Bolokang ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno.

2Etlere mohla le tshelang Jordane ho kena naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona, o ke o ikemisetse majwe a maholo, o a tlotse ka kalaka;

3mme o tla ngola ho wona dipolelo tsohle tsa molao ona, ha o sa tswa tshela ho ya kena lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o baletse.

4Etlare hobane le tshele Jordane, le tla emisa majwe ao thabeng ya Ebale, kamoo ke le laetseng kateng kajeno, o a tlotse ka kalaka.

5Teng o tla hahela Jehova, Modimo wa hao, aletare ya majwe, ao o ke keng wa fihlisa tshepe ho wona.

6Haha aletare ya Jehova, Modimo wa hao, ka majwe a sa betlwang, mme hodima yona o tle o hlabele Jehova, Modimo wa hao, mahlabelo a ditjheso.

7O tla hlaba le mahlabelo a teboho, mme o tla a ja hona teng, o thabe pela Jehova, Modimo wa hao.

8Majweng ao o tla ngola dipolelo tsohle tsa molao ona, di ke di bonahale haholo.

9Moshe le baprista ba Balevi ba bolella Baiseraele bohle, ba re: Iseraele, kgutsa, mme o mamele: Kajeno, o entswe setjhaba sa Jehova, Modimo wa hao.

10Utlwa ke hona lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o boloke ditaelo tsa hae le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno.

Dihlohonolofatso tse tla bolelwa Gerisime, le dithohako tse tla bolelwa Ebale.

11Hape, Moshe a laela setjhaba ka lona letsatsi leo, a re:

12Etlere ha le tshetse Jordane, ba tla ema thabeng ya Gerisime ho hlohonolofatsa setjhaba e be bana: Simeone, Levi, Juda, Issaskare, Josefa le Benjamine.

13Ba tla ema thabeng ya Ebale ho bolela dithohako e be bana: Rubene, Gade, Asere, Sabulone, Dane le Nefthali.

14Balevi ba tla bua, ba re ho batho bohle ba Iseraele ka lentswe le phahameng:

15Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se tsholotsweng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi wa matsoho a sebetli, mme a se bea nqalong e itseng e sephiri! Mme setjhaba sohle se tla dumela, se re: Amen!

16Ho rohakwe ya nyedisang ntatae, kapa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

17Ho rohakwe ya suthisang mekolokotwane ya wa habo! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

18Ho rohakwe ya kgelosang sefofu tsela! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

19Ho rohakwe ya kgopamisang tokelo ya moditjhaba, le ya kgutsana, kapa ya mosadi wa mohlolohadi! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

20Ho rohakwe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o apotse kobo ya ntatae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

21Ho rohakwe ya robalang le phoofolo e nngwe! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

22Ho rohakwe ya robalang le kgaitsedi ya hae, kapa e leng moradi wa ntatae, kapa e leng moradi wa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

23Ho rohakwe ya robalang le matsalae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

24Ho rohakwe ya otlang wa habo sephiring! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

25Ho rohakwe ya amohelang moputso ho bolaya motho ya se nang molato! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

26Ho rohakwe ya sa tiisetseng dipolelong tsa molao ona ho di etsa! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help