GENESE 21 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Tswalo ya Isaaka. — Agare ha a le feelleng. — Selekane sa Abrahama le Abimeleke.

1Jehova a etela Sara kamoo a neng a boletse kateng, mme Jehova a etsetsa Sara kamoo a neng a mmaletse kateng.

2Yaba Sara o emola, a tswalla Abrahama mora botsofading ba hae, motsotsong oo Modimo o neng o mmehetse wona.

3Abrahama a rea mora wa hae, eo a mo tswaletseng, eo Sara a mo tswaletseng yena, lebitso la Isaaka.

4Abrahama a bolotsa Isaaka, mora hae, mohla a nang le matsatsi a robileng meno e mmedi, kamoo Modimo o neng o mo laetse kateng.

5Dilemo tsa Abrahama di ne di le lekgolo mohla a tswallwang Isaaka, mora wa hae.

6Jwale Sara a re: Modimo o mphile ditsheho, mme le bohle, ha ba utlwa, ba tla tsheha le nna.

7A ba a re: Ke mang ya ka beng a boleletse Abrahama hore Sara o tla anyesa bana, haele moo ke mo tswaletse mora botsofading ba hae?

8Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.

9Empa Sara a bona mora wa Agare, Moegepeta, eo Agare a mo tswaletseng Abrahama, a ntse a tsheha.

10Yaba o re ho Abrahama: Lelekisa lekgabunyane leo le mora wa lona, hobane mora wa lekgabunyane leo a ke se ke a ja lefa hammoho le mora ka Isaaka.

11Empa lentswe lena la eba bohloko haholo ho Abrahama ka baka la mora hae.

12Yaba Modimo o re ho Abrahama: Ho se ke ha eba bohloko ho wena bakeng sa moshanyana le sa lekgabunyane la hao; polelo tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, o mpe o di mamele, hobane ka Isaaka ho tla tswa lesika le tla reellwa wena.

13Empa haele mora wa lekgabunyane, yena ke tla mo etsa setjhaba, hobane ke ngwanahao.

14Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.

15Yaba metsi a fela ka sehwaneng; yaba Agare o bea ngwana katlasa sehlahla,

16a sutha, a ya dula malebana le yena sebaka se ka ka sa motsu ha o phoswa: hobane o ne a re: Ke se ke ka bona ngwana ha a eshwa. A nna a dula malebana le yena, a phahamisitse lentswe, a lla.

17Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.

18Tsoha, o emise moshanyana, o mo tshware ka letsoho, hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.

19Yaba Modimo o tutubolla mahlo a hae, mme a bona sediba sa metsi; a ya, a tlatsa sehwana, a nwesa ngwana.

20Modimo wa eba le moshanyana, mme a hola, a aha feelleng; ha a se a le moholo, ya eba mophosi.

21A aha lefeelleng la Parane, mme mmae a mo nkela mosadi fatsheng la Egepeta.

22Mehleng eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba bua le Abrahama, ba re: Modimo o na le wena nthong tsohle tseo o di etsang.

23Ka baka leo, ntlhapanyetse mona jwale, ka Modimo, hore o ke se ke wa etsa ka bohata ho nna, leha e le ho bana ba ka, leha e le ho ditloholo tsa ka; le hore kamoo nna ke o etseditseng kateng ka molemo, o etse jwalo ho nna le ho naha eo o jakileng ho yona.

24Abrahama a re: Ke tla hlapanya.

25Empa Abrahama a nyatsa Abimeleke ka baka la sediba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.

26Abimeleke a re: Ha ke tsebe hore na taba eo e entswe ke mang: etswe le wena o sa ka wa mpolella, le ho utlwa ha ke eso ho ba ke utlwa ho fihlela kajeno.

27Yaba Abrahama o nka dinku le dikgomo, a di nea Abimeleke, mme ba hlaba selekane ba babedi.

28Abrahama a bea dithole tsa dinku tse supileng ka hosele.

29Yaba Abimeleke o re ho Abrahama: Dithole tsee tse supileng, tseo o di beileng kathoko, di reng na?

30A re: Ke ho re, dinku tsena tse supileng o di amohele letsohong la ka, e tle e be bopaki ba ka ba hore ke nna ke tjhekileng sediba sena.

31Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Beerseba, kahobane ba hlapantse teng ba babedi.

32Ba hlaba selekane jwalo Beerseba; yaba Abimeleke o tloha le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba kgutlela lefatsheng la Bafilesta.

33Abrahama a hloma difate Beerseba, mme a rapela teng lebitso la Jehova, Modimo wa kamehla yohle.

34Abrahama a hlola matsatsi a mangata naheng ya Bafilesta.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help