DIPESALEME 45 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Sefela sa bohadi ba morena e moholo.Ho monga baphokodi. Pesaleme ya bara ba Kore, e tle e binwe ka Shoshanime (mehaladitwe). Pina ya lerato.

1Taba tse monate di bela pelong ya ka; ke re, ke qapela morena; leleme la ka a le ke le be jwaloka lesiba la mongodi ya masene!

2Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.

3O mohale! o itlamelle sabole ya hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ya hao le kganya ya hao!

4Kganyeng ya hao o hlwelle koloing ya hao ya hlolo, o lwanele nnete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le o rute diketso tse makatsang!

5Metsu ya hao e ntjhotjho; ditjhaba di tla wela pela maoto a hao; o tla hlaba pelo tsa bao e leng dira ho morena.

6Terone ya hao ke terone ya Modimo; e tiile ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la ho loka!

7O rata ho loka, mme o hloile bokgopo. Ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya nyakallo ho fetisa balekane ba hao.

8Mirra le aloe le kasia di arubetsa diaparo tsa hao; o thabiswa ke modumo wa diharepa matlung a borena a kgabisitsweng ka manaka a ditlou.

9Baradi ba marena ba hara ba ratwang ke wena; mofumahadi wa hao o letsohong la hao le letona, a hlophehile ka kgauta ya Ofire.

10Mamela, moradi wa ka, o lemohe, o sekehe ditsebe! Lebala setjhaba sa heno le ntlo ya ntatao!

11Morena o lakatsa botle ba hao; erekaha e le morena wa hao, o mo utlwe.

12Moradi wa Tire o tla o nyehela, ba baholo hara setjhaba ba o ananele.

13Kahare ho ntlo, moradi wa morena o dutse bokgabaneng feela; seaparo sa hae ke lesela le homilweng ka kgauta.

14O iswa ho morena hodima diphate tse mebalabala; thaka tsa hae tsa barwetsana di tla ho wena kamora hae,

15di tliswa ka thabo le nyakallo, di kena tlung ya morena.

16Ditulong tsa bontatao ho tla dula bara ba hao, o tla ba bea mahosana lefatsheng lohle.

17Ke tla hopodisa lebitso la hao melokong yohle e tlang ho tla; ka baka leo, ditjhaba di tla o rorisa kamehla, ka ho sa feleng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help