I BAKORINTHE 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Haele nna, banabeso, ke sitilwe ho bua le lona jwaloka hoja le le baho ba moya, ke buile jwaloka hoja le le ba nama, leha e le masea ho Kreste.

2Ke le fepile ka lebese, e seng ka dijo tse tiileng; hobane le ne le sa lokela tsona, le jwale di sa ntse di ka le sita,

3hoba le sa le ba nama. Hobane haele moo mona o sa le teng hara lona, le diphapang, na ha le ba nama na? na ha le ye ka mokgwa wa batho na?

4Na ha e mong a re: Nna, ke wa Pauluse! e mong a re: Nna, ke wa Apolose! Na ha le ba nama na?

5Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.

6Nna, ke hlomile, Apolose yena o noseditse, empa Modimo ke wona o medisitseng.

7Ha ho le jwalo, ya nang le taba hase ya hlomang, leha e le ya nosetsang, empa e le Modimo o medisang.

8Mme ya hlomang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe feela; mme e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng wa hae, ka tekanyo ya mosebetsi oo e leng wa hae.

9Hobane re ba sebetsang le Modimo, mme lona, le boleme ba Modimo, le mohaho wa Modimo.

10Haele nna, ka mohau wa Modimo oo ke o filweng, ke theile motheo jwaloka sehahi se bohlale, mme e mong o haha kahodima wona; e mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng hodima wona.

11Hobane ha ho motho ya ka theang motheo osele ho o setseng o theilwe, e leng Jesu Kreste.

12Ekare ha e mong a haha hodima motheo oo ka kgauta, kapa ka silefera, leha e le ka majwe a bohlokwa, le mahong, le jwang le dihlokwa,

13mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahiswa pontsheng ke letsatsi, etswe o tla bonahatswa ke mollo, mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hoba o jwang.

14Ekare ha mosebetsi oo e mong a o hahileng hodima motheo o sala, yena o tla putswa.

15Ekare ha mosebetsi wa e mong o etjha, yena o tla timellwa ke wona; mme haele yena, o tla pholoha, empa ho tla ba jwaloka hoja a fetile hara mollo.

16Ana ha le tsebe hobane le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o ahile ho lona na?

17Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.

18Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.

19Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.

20Hape, ho itswe: Morena o tseba mehopolo ya ba bohlale hobane ke bosawana.

21Ha ho le jwalo, motho a se ke a ithorisa ka batho; hobane tsohle ke tsa lona,

22leha e le Pauluse, leha e le Apolose, leha e le Kefase, leha e le lefatshe, leha e le ho phela, leha e le ho shwa, leha e le tsa jwale, leha e le tse tla tla; tsohle ke tsa lona,

23lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help