NUMERE 27 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Molao wa mafa.

1Baradi ba Tselofkade, mora Hefere, mora Gileade, mora Makire, mora Manasse, ba matlo a Manasse, mora Josefa, bao mabitso a bona e leng wona ana: Makla, Nowa, Hogla, Milka le Thirtsa;

2ba fihla, ba itlhahisa pela Moshe, le pela moprista Eleasare, le pela marena le phutheho yohle, monyako wa tente ya pokano, ba re:

3Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.

4A ke ka baka lang ha lebitso la ntata rona le tloswa lelokong la hae, kahobane a sa ka a ba le mora? O re fe lefa hara banababo ntata rona.

5Moshe a bea taba ya bona pela Jehova.

6Yaba Jehova o re ho Moshe: Baradi ba Tselofkade ba bolela.

7O fele o ba abele naha hara banababo ntata bona, e be lefa la bona; o ba nee lefa la ntata bona jwalo.

8O bolelle bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a eshwa a se na mora, le tla nea moradi wa hae lefa la hae.

9Ha a se na moradi, le tla nea banababo lefa la hae.

10Ha a se na banababo, le tla nea banababo ntatae lefa le hae.

11Ha ekaba ho se banababo ntatae, lefa la hae le tla le nea e mong wa leloko la hae ya bapileng le yena haholo, mme ke yena ya tla le rua. Hoo e tla ba molao le tokelo ho bana ba Iseraele, kamoo Jehova a ho laetseng Moshe kateng.

Joshua o kgethelwa ho hlahlama Moshe.

12Jehova a re ho Moshe: Nyolohela thabeng eo ya Abarime, mme o tadime lefatshe leo ke le neileng bana ba Iseraele.

13Etlare ha o le bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwalokaha ngwaneno Aarone le yena a orositswe.

14Hobane le ne le hane taelo ya ka lefeelleng la Tsine, mohla phutheho e hanyetsang, bakeng sa ho ntlotlisa pela batho ka taba ya metsi. Ke wona metsi a Meriba (kganyetso) ya Kadeshe, feelleng la Tsine.

15Moshe a bua le Jehova, a re:

16Jehova, Modimo wa meya ya nama yohle, a ke a bee hodima phutheho monna

17ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.

18Jehova a re ho Moshe: Nka Joshua, mora Nune, monna eo moya o leng ho yena, o bee letsoho la hao hodima hae.

19O mmee pela moprista Eleasare le pela phutheho yohle, mme o mo nee ditaelo pontsheng ya bona.

20O tla mo abela karolo e nngwe ya boholo ba hao, hore phutheho yohle ya bana ba Iseraele e mo utlwe.

21O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.

22Moshe a etsa kamoo Jehova a mo laetseng kateng. A nka Joshua, a mmea pela moprista Eleasare le pela phutheho kaofela;

23a bea matsoho a hae hodima hae, mme a mo nea ditaelo, kamoo Jehova a neng a boleletse Moshe kateng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help