1Bokang Jehova! Rorisang, lona bahlanka ba Jehova, rorisang lebitso la Jehova!
2Ho bokwe lebitso la Jehova jwale le ka ho sa yeng kae!
3Lebitso la Jehova a le ke le roriswe, ho nka botjhabela ho isa bophirimela.
4Jehova o phahamile kahodimo ho ditjhaba kaofela, le kganya ya hae e kahodimo ho mahodimo.
5Ke mang ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona? O ahile nqalong tse hodimodimo;
6o inamela ho nyarela mahodimong le lefatsheng.
7O tsosa ya madimabe leroleng, o ntsha ya lesitsi thotobolong;
8a tle a ba dudise le mahosana, e, le mahosana a setjhaba sa hae.
9Mosadi ya nyopileng o etsa hore a be le ntlo, o mo nea le bana bao a thabang ka bona. Bokang Jehova!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.