1Ke beile tshepo ya ka ho Jehova; na le ka re ho moya wa ka jwang: Balehela dithabeng tsa heno jwaloka nonyana?
2Hobane, bonang, bakgopo ba koba diqha tsa bona, ba tjheha metsu ya bona lesikeng, ho phosetsa batho ba pelo tse lokileng lefifing.
3Ha metheo e helehile, ya lokileng a ka etsa jwang?
4Jehova o sehalalelong sa hae, Jehova o na le terone ya hae mahodimong; mahlo a hae a bona, dintshi tsa hae di leka bana ba batho.
5Jehova o lekola ya lokileng; moya wa hae o hloile ya kgopo le ya ratang sehloho.
6O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.
7Hobane Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.