1Modimo a o ke o re hauhele, o re hlohonolofatse; o ke o re kgantshetse sefahleho sa wona, (Sela.)
2hore tsela ya hao e tsejwe lefatsheng, le poloko ya hao ditjhabeng tsohle.
3Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise.
4Ditjhaba di ke di nyakalle, di bine difela tsa thabo; hobane o tla ahlola ditjhaba ka ho loka, o tsamaise ditjhaba lefatsheng. (Sela.)
5Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise!
6Lefatshe le medisitse dijo tsa lona. Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa!
7Modimo o tla re hlohonolofatsa, o tshajwe ke dipheletso tsohle tsa lefatshe!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.