NUMERE 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Balaame a bona hobane Jehova o rata ho hlohonolofatsa Iseraele; ha a ka a hlola a ya ho batla tsa boloi jwaloka pele; empa a retelletsa sefahleho sa hae ka nqa lefeelleng.

2Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.

3A porofeta, a re: Lentswe le Balaame, mora Beore, lentswe la monna ya nang le leihlo le tutubolohileng, lentswe la ya utlwang mantswe a Modimo,

4la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele:

5Ditente tsa hao di ntle hakakang, Jakobo! Le meaho ya hao, Iseraele!

6Di alehile jwaloka mohlaka, jwaloka ma simo seoding sa noka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Jehova, jwaloka dikedare pela metsi!

7Metsi a kgaphatseha dinkgong tsa hae; peo ya hae e nontshwa ke metsi a mangata. Morena hae o feta Agage, le mmuso wa hae o a phahama.

8Modimo o mo ntshitse Egepeta; o na le matla a kang a nare. O qeta ditjhaba tse mo lwantshang; o robaka masapo a tsona, a di imele ka metsu ya hae.

9O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!

10Yaba bohale ba Balake bo tukela Balaame; a opa matsoho, a re ho Balaame: Ke o bitsitse hore o tle o rohake dira tsa ka, mme bona, o di hlohonolofaditse makgetlo ana a mararo.

11Tloha jwale, o ye ha eno! Ke ne ke itse, ke tla o hlompha ka dimpho tse kgolo, empa Jehova o o sitisitse ho di nka.

12Balaame a fetola Balake, a re: Ha ke re, ke ne ke bolelle manqosa ao o a romileng ho nna, ka re:

13Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nka sitwa ho tlola taelo ya Jehova ka ho etsa botle leha e le bobe ke iqalla; seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se phetha.

14Jwale, ke ikela ho ba heso; tlo o he, ke o bolelle seo setjhaba sena se tla se etsa ho setjhaba sa hao mehleng e tlang.

15Balaame a porofeta, a re: Lentswe la Balaame, mora Beore; lentswe la monna ya leihlo le tutubolohileng, lentswe la ya utlwang mantswe a Modimo,

16la ya tsebang bohlale ba Ya leng hodimodimo, la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele.

17Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;

18Edomo ke leruo la hae; Seire, sera sa hae, o ruuwa ke yena, mme Iseraele o hlahisa bonatla ba hae;

19ya tswang ho Jakobo o busa ka borena, mme o senya ba setseng metseng ya bona.

20Balaame a bona Amaleke, a porofeta, a re: Amaleke ke sehlooho sa ditjhaba, empa ka tsatsi le leng o tla fediswa.

21Balaame a bona le Bakene, a porofeta, a re: Moaho wa hao o thata, mme sehlaha sa hao o se beile lefikeng.

22Leha ho le jwalo, Mokene o tla lelekwa, mme Moassiria o tla o nkela hole o le moholehuwa.

23Balaame a porofeta hape, a re: Jo! ke mang ya tla phela, ha Modimo o se o entse hoo?

24Dikepe di tla tswa Kittime, di kokobetse Moassiria, di kokobetse le Moheberu; empa hamorao le yena o tla timela.

25Yaba Balaame o ema, a tloha a kgutlela ha hae; le yena Balake a ya ka tsela ya hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help