JOBO 22 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Phetolo ya boraro ya Elifase.

1Elifase wa Themane a boela a fetola, a re:

2Na motho a ka etsetsa Modimo molemo ka ntho e nngwe na? Tjhe, le ho leka; motho ya bohlale o molemo ho yena a nnotshi.

3Ya matla wohle na a ka bona molemo ka ho loka ha hao, mohlomong a be le leruo ha mekgwa ya hao e lokile na?

4Na o ya o laya ka hobane o a mo tshaba, kapa na a ka isana kahlolong le wena na?

5Ha ke re, bobe ba hao bo a tshabeha, ditlolo tsa hao di hloka palo na?

6Hobane o nkile tebeletso ho wa heno feelafeela; o hlobodisitse bahloki, wa nka dikobo tsa bona;

7ha o a ka wa nea motho ya nyorilweng metsi, mme o hanetse ya lapileng le bohobe ba hao;

8naha e ne e ruwa ke ya matla, ho ne ho aha teng motho ya hlomphuwang;

9o ne o kgutlisa basadi ba bahlolohadi ba le feela, o ne o lesa letsoho la dikgutsana ho robeha.

10Ke ka baka leo o kopilweng ke difi, mme botshabeho bo o tshosa hang;

11kapa na ha o bone lefifi le morwallo wa metsi a o apesang?

12Na Modimo ha o a phahama jwaloka lehodimo na? Tadima bohodimo ba dinaledi, bo hole hakakang!

13Mme o re: Modimo o ka tseba eng? Na o ka ahlola, mahlo a wona a phunya lefifi na?

14Maru a o kwahetse hore o sitwe ho bona; bokgwidikweng ba lehodimo, ke moo o haolang teng.

15Na o rata ho nka tsela ya kgale e hatilweng ke ba babe na?

16Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;

17ba ne ba re ho Modimo: Sutha ho rona! Na Ya matla wohle a ka etsang bakeng sa rona na?

18Kanthe o ne o tlatsitse matlo a bona ka menono. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.

19Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; ya se nang molato o tsheha ka bona, o re:

20E, bao e leng dira ho rona ba fedile, mollo o tjhesitse bokgabane ba bona.

21Ka baka leo, o etse setswalle le Modimo, mme o tla bona kgotso; ka mokgwa o jwalo, leseho le tla tla ho wena.

22Ako amohele thuto e tswang molomong wa wona, o kenye dipolelo tsa wona pelong ya hao.

23Ha o ka kgutlela ho Ya matla wohle, o tla boela o tsoswe; feela, o leleke bokgopo tenteng ya hao.

24O lahlele kgauta leroleng, le kgauta ya Ofire majweng a molatswana.

25Ke hona Ya matla wohle ho wena e tla ba qubu ya kgauta le silefera e benyang haholo;

26hobane moo o tla fumana thabo ho Ya matla wohle, o emisetse sefahleho sa hao ho Modimo.

27O tla o rapela, mme o tla o utlwa; o tla phetha dikano tsa hao.

28Ha o ka rera taba e nngwe, e tla o hlahela, lesedi le kganye tseleng ya hao.

29Leha o ka tsamaya boikokobetsong, o tla ikopela matla a ho itsosa. O boloka motho ya ikokobetsang;

30esita le ya sa hlokeng molato o tla mo namolela ka baka la bosweu ba matsoho a hao!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help