ESAIA 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Naha ya Egepeta e porofetelwa dikahlolo.

1Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.

2Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.

3Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.

4Naha ya Egepeta ke tla e neha morena ya thata, e buswe ke morena ya thata: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.

5Metsi a Nile a tla fela; noka e tla psha, e omelle.

6Dinokana di tla nkga, meedi ya Egepeta e tla oma, e pshe; lehlaka le tla pona le wona moseme.

7Makgulo a sikang le noka, a mabopong a noka, le masimo wohle a pela noka a tla omella, a foforehe, a fele.

8Ba tshwasang dihlapi ba tla lla, bohle ba akgelang selope nokeng ba bokolle, ba dihelang letlowa hodima metsi ba tsielehe.

9Ba sebetsang ka lene e ntle, le ba lohang masela a masweu, ba tla swaba.

10Ditshiya tsa naha di tla robeha, bohle ba sebeletsang leruo ba hlomohe pelo.

11Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?

12Ba kae jwale ba bohlale ba hao? Ba fele ba o bolelle, ho tle ho tsejwe seo Jehova wa makgotla a se rerileng hodima Egepeta.

13Baholo ba Tsowane ba fetohile mahlanya, baholo ba Nofe ba thetsitswe, Egepeta e kgelositswe ke dihlooho tsa meloko ya yona.

14Jehova o tshetse Egepeta ka moya wa modikwadikwane, hore ba tle ba kgelose Baegepeta diketsong tsa bona kaofela, jwaloka letahwa ha le diadielwa mahlatseng a lona.

15Ha ho mosebetsi o ka thusang Egepeta, o entsweng ke hlooho, leha e le ke mohatla, kapa ke lekala la palema, kapa ke moseme.

16Ka tsatsi leo, Baegepeta ba ya ba jwaloka basadi; ba tla tshoha, ba thothomele, ka baka la letsoho la Jehova wa makgotla le sisinyehang ho ba kgalemela.

17Ke moo naha ya Juda e tla hlwenyetsa Baegepeta, mme lebitso la Juda ha le bolelwa bohle ba ya tshoha, ka baka la morero oo Jehova wa makgotla a o rerileng hodima bona.

18Mohlang oo, metse e mehlano e tla ba teng Egepeta e tla bua puo ya Kanana, e ane ka Jehova wa makgotla; o mong ho yona o tla rewa Ire-Haherese (motse wa letsatsi).

19Mehleng eo, Jehova o tla kgethelwa aletare bohareng ba lefatshe la Egepeta, mme sefika se kgethetsweng Jehova se tla ema pela meedi ya naha.

20Hoo e tla ba pontsho le bopaki ba Jehova wa makgotla lefatsheng la Egepeta; hobane ba tla howeletsa ho Jehova ka baka la ba ba hlorisang, mme o tla ba romela mmoloki le moemedi, ya tla ba namolela.

21Jehova o tla itsebisa Baegepeta, mme Baegepeta ba tla tseba Jehova mehleng eo, ba mo sebeletse ka mahlabelo le ka dinyehelo; ba tla itlama ka dikano ho Jehova, mme ba tla di phetha.

22Jehova o tla otla Egepeta jwalo; o tla otla, a boele a fodise; ba tla sokolohela ho Jehova, mme o tla mamela thapelo tsa bona, a ba fodise.

23Mehleng eo, mmila o tla ba teng o tswang Egepeta, o yang Assiria; Baassiria ba tla tla Egepeta, Baegepeta ba ye Assiria, mme Egepeta o tla sebeletsa Jehova a ena le Assiria.

24Mohlang oo, Iseraele e tla ba wa boraro, ya kopaneng le Egepeta le Assiria, e be lehlohonolo bohareng ba lefatshe,

25leo Jehova wa makgotla a tlang ho le hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofale Egepeta, setjhaba sa ka, le Assiria, mosebetsi wa matsoho a ka, le Iseraele, lefa la ka!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help