MATTHEU 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Bafarisi le mekgwa ya bona.

1Jwale, bangodi le bafarisi ba tla ho Jesu, ba etswa Jerusalema, ba re ho yena:

2Barutuwa ba hao ba tlolelang mokgwa wa baholo, ha ba eja bohobe, ba sa hatlela?

3A araba, a re ho bona: Le lona, le tlolelang molao wa Modimo ka mokgwa oo le o neanang na?

4Hobane Modimo o laetse, wa re: Hlonepha ntatao le mmao. Hape ho itswe: Ya rohakang ntatae, leha e le mmae, a bolawe.

5Kanthe lona le re: Ya reng ho ntatae, leha e le ho mmae: Sa tsa ka seo nka beng ke o thusa ka sona, ke se ke se abetse Modimo, ha a na molato, leha a sa hlonephe ntatae le mmae.

6Le fetotse molao wa Modimo lefeela ka mokgwa oo le o neanang.

7Baikaketsi, Esaia o ne a porofete tsa lona hantle, ha a itse:

8Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna.

9Ba nkgumamella lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.

10Yaba Jesu o bitsa bongata, a re ho bona: Mamelang, le utlwisise.

11Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho.

12Jwale, barutuwa ba mo atamela, ba re ho yena: Na o a tseba hobane bafarisi ba ile ba hlonama ha ba utlwa polelo ya hao na?

13A araba, a re: Setlama se seng le se seng se sa hlongwang ke Ntate ya mahodimong, se tla fotholwa.

14Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.

15Petrose a bua, a re ho yena: O re qaqisetse setshwantsho seno.

16Empa Jesu a re: Na le sa hloka kelello le lona na?

17Na ha le utlwisise hobane tsohle tse kenang ka hanong di ya mpeng, di ntoo lahlelwa mohlabeng?

18Empa tse tswang hanong di tswa pelong; ke tsona tse silafatsang motho.

19Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;

20ke tsona dintho tse silafatsang motho; empa haele ho ja ka matsoho a sa hatlelwang, ha ho silafatse motho.

Mosadi wa Mokanana.

21Yaba Jesu o tloha moo, a ikela naheng ya Tire le Sidone.

22Teng ha hlaha mosadi wa Mokanana, ya tswang mathokong ao, a howa, a re: Nkutlwele bohloko, Morena, mora Davida! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke motemona.

23Empa Jesu a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba atamela, ba mo rapela, ba re: Mo kgutlise, hobane o howa a ntse a re latela.

24A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.

25Yaba mosadi o mo atamela, a kgumama, a re ho yena: Morena, nthuse!

26 Jesu a mpa a mo araba, a re: Ha ho hotle ho amoha bana bohobe ho ba akgela dintjanyana.

27Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.

28Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.

Diphodiso tse ngata.

29Jesu a tloha teng, a atamela lewatle la Galelea, mme eitse hobane a nyolohele thabeng, a dula teng.

30Matshwele a mangata a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, le difofu, le dimumu, le dihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, mme a ba fodisa.

31Yaba bongata boo bo a makala, ha bo bona dimumu di bua, le dihole di ena le mmele o motle, le dihlotsa di tsamaya, le difofu di bona, mme ba rorisa Modimo wa Iseraele.

Katiso ya bobedi ya mahobe.

32Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.

33Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ana moo, feelleng, re ka nka kae mahobe a ka lekanang ho kgorisa bongata bo bokalo?

34Jesu a re ho bona: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supileng, le dihlapinyana di se kae.

35Yaba o laela bongata ho dula fatshe.

36Yare hobane a nke mahobe ao a supileng le dihlapi, a a ngwatha, ha a se a lebohile, a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela bongata.

37Bohle ba eja, ba kgora; ha ba ha thonakwa dingwathwana tse setseng, tsa tlatsa diroto tse supileng.

38Ba jeleng e ne e le banna ba kete tse nne, ha ho sa balwe basadi le bana.

39Mme Jesu hobane a kgutlise matshwele, a kena sekepaneng, a ya naheng ya Magdala.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help