DIKETSO 9 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Tshokoloho ya Saule.

1Empa Saule o ne a sa ntse a befetswe ho sokela le ho bolaya barutuwa ba Morena; a ya ho moprista e moholo,

2a kopa mangolo ho yena a ngollwang masinagoge a Damaseka, hore etlere ha a ka fumana ba bang ba thuto eo, leha e le banna, kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.

3A re a sa ya, a se a atametse Damaseka, a tshoha lesedi le tswang lehodimong le mo teela hare.

4A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?

5A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang; ho thata ho wena ho raha ditsenene.

6A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.

7Banna bao a neng a tsamaya le bona, ba ne ba eme ba maketse; hobane ba fela ba ne ba utlwile lentswe, ba mpa ba sa bone motho.

8Yaba Saule o tsoha fatshe, mme ha a tadima, a sitwa ho bona motho; ba mpa ba mo tshwara ka letsoho, ba mo isa Damaseka.

9Mme ha feta matsatsi a mararo, a sa bone, a sa je, a sa nwe.

10Morutuwa e mong, ya bitswang Ananiase, o ne a le teng Damaseka: Morena a mmolella ka pono ya mohlolo, a re: Ananiase! Yena a re: Ke nna enwa, Morena!

11Morena a re ho yena: Tloha, o ye seterateng se bitswang se Lokileng; o batle ka tlung ya Juda motho ya bitswang Saule wa Tarese; hobane o ka bona, o a rapela,

12mme o bone, ka pono ya mohlolo, monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho, hore a boele a bone.

13Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;

14le mona o tlile a neilwe matla ke baprista ba baholo a ho tlama bohle ba rapelang lebitso la hao.

15Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;

16mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.

17Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.

18Mme ntho tse kang makgapetla tsa phakisa tsa wa mahlong a hae; a boela a bona; a ntoo ema, a kolobetswa.

19Yaba o ja dijo, mme matla a boela ho yena.

Saule a dula le barutuwa ba leng Damaseka matsatsi a mang.

20A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.

21Ba mo utlwang kaofela ba ne ba makala, ba re: Na eo hase yena ya neng a hlorisa hampe ba rapelang lebitso leo Jerusalema, a bile a tlile le mona ho ba tlama le ho ba isa ho baprista ba baholo na?

22Haele Saule, a nna a ipha matla a maholo, a hlola Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke Kreste.

23Kamora tsiu tse ngatanyana, Bajuda ba rera ho mmolaya;

24empa Saule a tsebiswa morero wa bona. Ba ne ba lebela menyako ya motse, motshehare le bosiu, hore ba tle ba mmolaye;

25empa barutuwa ba mo nka bosiu, ba ema hodima lerako, ba mo lepelletsa fatshe ka seroto.

26Saule eitse ha a fihla Jerusalema, a leka ho kopana le barutuwa; empa ba ne ba mo tshaba kaofela, ba se ke ba dumela hobane e se e le morutuwa.

27Yaba Barnabase o mo nka, a mo isa ho baapostola, a ba phetela kamoo a boneng Morena tseleng kateng, a bileng a buile le yena, le kamoo a boletseng lebitso la Jesu ka matla motseng wa Damaseka kateng.

28Saule a nna a dula le bona Jerusalema, a ntse a kena, a etswa.

29A bua ka lebitso la Morena Jesu a sa tshabe letho, a fetolana le Bajuda ba Bagerike; empa bona ba rata ho mmolaya.

30Yare ha barutuwa ba utlwa hoo, ba mo isa Sesarea, ba ntoo mo romela Tarese.

Petrose o etela Lida le Jopo; o fodisa Enea; o tsosa Tabitha bafung.

31Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.

32Petrose ha a ntse a etela barutuwa kaofela, a tla le ho bahalaledi ba ahileng Lida.

33A fihlela monna teng, ya bitswang Enea, a sekame diphateng e se e le dilemo tse robileng meno e le mmedi; o ne a omeletse ditho.

34Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, a alole diphate tsa hao. Mme a phakisa a tsoha.

35Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.

36 Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.

37A tshwarwa ke bohloko mohlang oo, a shwa. Yare hobane ba mo hlatswe, ba mmea phaposing e kahodimo.

38Erekaha Lidda a le haufi le Jopo, yare ha barutuwa ba utlwa hobane Petrose o teng, ba mo romella banna ba babedi, ho mo rapela hore a tle ho bona, a se ke a dieha.

39Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.

40Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.

41Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela.

42Hoo ha tsejwa ke ba motse wa Jopo kaofela, mme ha dumelwa ho Morena ke ba bangata.

43Petrose a dula Jopo matsatsi a mangatanyana, a dutse ha monna ya bitswang Simone, mosuhi wa matlalo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help