I SAMUELE 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Saule o leka ho bolaya Davida. — Davida o pholoswa ke mosadi wa hae, mme o balehela ho Samuele, Rama.

1Ebile Saule o bua le Jonathane mora hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida; Jonathane, mora Saule, o ne a mpa a rata Davida haholo.

2Ka baka leo, Jonathane a tsebisa Davida, a re: Saule ntate o pheheletse ho o bolaya; jwale o ipoloke, e be e be hosasane, mme o itulele sephiring, o ipate.

3Haele nna, ke tla tswa ke eme mabapa le ntate tshimong eo o tla ba ho yona, ke tle ke o buelle ho ntate, mme seo ke se bonang, ke tla o tsebisa sona.

4Ha ho le jwalo, Jonathane a bua hantle bakeng sa Davida ho Saule, ntatae, a re ho yena: Morena a se ke a sitelwa mohlanka wa hae Davida, etswe a sa ka a o sitelwa ka letho, le diketso tsa hae di o thusitse haholo.

5O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?

6Saule a mamela lentswe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha a ka ke a bolawa.

7Ebile Jonathane o bitsa Davida, mme Jonathane a mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a ntoo tlisa Davida, pela Saule, mme a tla, a dula pela hae jwaloka pele.

8Ntwa ya boela ya tsoha; Davida a futuha, a lwana le Bafilesta, a ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba ba baleha pela hae.

9Moya o mobe o tswang ho Jehova wa tlela Saule, a le hae ka tlung, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa ka letsoho la hae.

10Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ho Saule, a hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, a phonyoha bosiung boo.

11Ebile Saule o romela manqosa tlung ya Davida, ho mo lalla, le ho mmolaya ka meso; empa mosadi wa hae, Mikale, a tsebisa Davida, a re: Ha o sa balehe bosiu, ka meso o tla bolawa.

12Mikale a ba a theosa Davida ka fenstere. A ikela jwalo, a thoba, a phonyoha.

13Mikale a nka terafime, a e kenya diphateng tsa Davida, a e rwesa boya ba podi hloohong, a e apesa le ka kobo.

14Saule a romela manqosa ho tshwara Davida; Mikale a mpa a re: O bohloko.

15Saule a boela a romela manqosa ao ho bona Davida, a re: Le ntlisetse yena ka diphateng tsa hae, a tle a bolawe.

16Manqosa ha a kena, a bona ho le tarafime diphateng, e rwesitswe boya ba podi hloohong.

17Saule a re ho Mikale: O nthetseditseng, ha o dumeletse sera sa ka sa baleha na? Mikale a re ho Saule: O itse ho nna: Ntese, ke ye; o re, ke o bolaeleng?

18Davida a thoba jwalo, a phonyoha, a fihla ho Samuele Rama, a mo tsebisa tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Ba ntoo tloha le Samuele, ba ya dula Najothe.

19Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o Najothe, haufi le Rama.

20Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.

21Ha tsebiswa Saule, a ba a roma manqosa a mang; le wona a porofeta. Saule a eketsa a roma manqosa la boraro, mme le wona a porofeta.

22Le yena Saule a tla Rama; ha a fihla sedibeng se seholo se Seku, a botsa, a re: Na Samuele le Davida ba hokae na? A bolellwa, ha thwe: Ke bane Najothe, haufi le Rama.

23A ya teng Najothe, haufi le Rama, mme le yena a tlelwa ke moya wa Modimo, a nna a ya pele, a porofeta, a ba a fihla Najothe, haufi le Rama.

24Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a nna a porofeta pontsheng ho Samuele, a dula fatshe a sa apara tsatsi leo lohle le bosiu bohle, ha ba ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help