DIPESALEME 82 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Modimo o tla ahlola baahlodi ba ditjhaba.Pesaleme ya Asafe.

1Modimo o kene phuthehong ya medimo, o ahlola mahareng a medimo.

2Le tla ahlola ka bokgopo ho isa kae, le emele ba bolotsana ho isa kae? (Sela.)

3Ahlolelang ba banyenyane le dikgutsana; le lokisetse mohlomohi le ya lesitsi;

4lokollang ba madimabe le bahloki, le ba utle matsohong a ba bolotsana.

5Ha ba na hlalefo, leha e le kutlwisiso; ba tsamaya lefifing; metheo kaofela ya lefatshe e a kgwehla.

6Ke itse: Le medimo, mme bohle le bara ba Mookamedi ya phahameng.

7Leha ho le jwalo, le tla shwa jwaloka batho, le we jwaloka marena afe le afe.

8Oho Modimo, tsoha, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba kaofela e tla ba lefa la hao.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help