1Jobo a fetola, a re:
2O thusitse hakaakang ya se nang matla! O tiisitse hakaakang letsoho le tepeletseng!
3O eleditse hakaakang ya hlokang hlalefo, mme o boletse tsebo ya sebele hakaakang!
4Taba tseo o di bolella mang? Ke moya wa mang o tswang molomong wa hao?
5Diriti di thothomela katlasa metsi le ba ahileng ho wona.
6Nqalo ya bafu e feela pela wona; ho wona bodiba ha bo na tshirelo.
7O ne o ale boputswa ba leboya hodima sebaka se feela, wa fanyeha lefatshe hodima bodiba.
8O thibela metsi marung a wona, mme maru ha a phatlohe ka boima ba wona.
9O kwahela metheo ya terone ya wona, o e apesa ka maru a wona.
10O dikadikeditse sebaka sa metsi ka sedikwadikwe, ho kgutla moo lesedi la arohanang le lefifi.
11Ditshiya tsa mahodimo di a tlakasela, di sisimoloha ka kgalemelo ya wona.
12Ka matla a wona a kokomosa lewatle, ka bohlale ba wona o kokobetsa ho phahama ha lona.
13Pudulo ya wona e edisa mahodimo; letsoho la wona le hlaba drakone e lebelo. Bonang, tseo ke bokantle ba ditsela tsa wona;
14ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.