1Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:
2Balang phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona; o ngole ka bonngwe mabitso a ba batona bohle, e leng a Baiseraele bohle ba ka yang ntweng,
3ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo; wena le Aarone, le tle le bale palo eo ka makgotla a bona;
4mme le ikgethele monna lelokong le leng le le leng, eo e leng yena hlooho ya ntlo ya bontatae.
5Ke ana mabitso a banna ba tlang ho le thusa:
Lelokong la Rubene, ke Elitsure, mora Shedeure;
6ho la Simeone, Shelumiele, mora Tsurishaddai;
7ho la Juda, Nasone, mora Amminadabe;
8ho la Issaskare, Nethaneele, mora Tsuare;
9ho la Sabulone, Eliabe, mora Helone;
10melokong ya bara ba Josefa: ho la Efraime, Elishama, mora Ammihude; ho la Manasse, Gamaliele, mora Pedahtsure;
11ho la Benjamine, Abidane, mora Gideoni;
12ho la Dane, Akiesere, mora Ammishaddai;
13ho la Asere, Pagiele, mora Okrane;
14ho la Gade, Eliasafe, mora Deuele;
15ho la Nefthali, Akira, mora Enane.
16Ke bona bao ba kileng ba memuwa phutheho; ke marena a meloko ya bontata bona; ke tsona dihlooho tsa dikete tsa Iseraele.
17Moshe le Aarone ba nka banna bao ba neng ba tswa thonngwa,
18ba mema phutheho yohle ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi; e mong le e mong a bolela lesika la hae, ka ntlo ya hae, le ka ntlo ea bontatae; ha ngolwa ka bonngwe mabitso wohle a bona, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
19Moshe, kamoo a neng a laetswe ke Jehova kateng, a fela a ba bala, lefeelleng la Sinai.
20Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona; mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng.
21Ba ngotsweng ba leloko la Rubene ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng, tse nang le makgolo a mahlano.
22Ho bara ba Simeone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng.
23Ba ngotsweng ba Simeone ya eba dikete tse mashome e mahlano a metso e robileng mono o le mong, tse nang le makgolo a mararo.
24Ho bara ba Gade, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
25Ba ngotsweng ba leloko la Gade ya eba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano, tse nang le makgolo a tsheletseng a nang le mashome a mahlano.
26Ho bara ba Juda, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
27Ba ngotsweng ba leloko la Juda ya eba dikete tse mashome a supileng a metso e mene, tse nang le makgolo a tsheletseng.
28Ho bara ba Issaskare, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
29Ba ngotsweng ba leloko la Issaskare ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e mene, tse nang le makgolo a mane.
30Ho bara ba Sabulone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
31Ba ngotsweng ba leloko la Sabulone ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e supileng, tse nang le makgolo a mane.
32Haele bara ba Josefa, ho bara ba Efraime ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
33Ba ngotsweng ba leloko la Efraime ya eba dikete tse mashome a mane, tse nang le makgolo a mahlano.
34Ho bara ba Manasse, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
35Ba ngotsweng ba leloko la Manasse ya eba dikete tse mashome a mararo a metso a mmedi, tse nang le makgolo a mabedi.
36Ho bara ba Benjamine, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
37Ba ngotsweng ba leloko la Benjamine ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e mehlano, tse nang le makgolo a mane.
38Ho bara ba Dane, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
39Ba ngotsweng ba leloko la Dane ya eba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, tse nang le makgolo a supileng.
40Ho bara ba Asere, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
41Ba ngotsweng ba leloko la Asere ya eba dikete tse mashome a mane a motso o mong, tse nang le makgolo a mahlano.
42Ho bara ba Nefthali, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
43Ba ngotsweng ba leloko la Nefthali ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e meraro, tse nang le makgolo a mane.
44Ke bona bao ba kileng ba ngolwa ke Moshe le Aarone, ba ena le banna ba leshome le metso e mmedi, marena a Iseraele; ho ne ho na le monna ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona.
45Ka mokgwa o jwalo, ho bara bohle ba Iseraele, ha ngolwa, ka matlo a bontata bona, banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
46Ba ngotsweng bohle ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso a meraro, tse nang le makgolo a mahlano a nang le mashome a mahlano.
47Haele Balevi, le leloko la bontata bona, ha ba ka ba baliwa hara ba ngotsweng.
48Hobane Jehova a ne a boleletse Moshe, a re:
49Feela, o se ke wa bala leloko la Levi, mme o se ke wa le ngolla hara bana ba Iseraele,
50o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.
51Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.
52Bana ba Iseraele ba tla emisa ka makgotla a bona, e mong le e mong sebakeng sa hae, haufi le folaga ya habo.
53Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.
54Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng; ba fela ba etsa jwalo.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.