JOBO 39 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Na o tseba nako eo letsa le tswalang ka yona na? Na o lemohile pelehi ya dikgama ha di tswala na?

2Na o badile dikgwedi tsa kemaro ya tsona, le nako eo di lokolohang ka yona na?

3Di kgumama ho tswalla manamane a tsona fatshe, di ntoo hlohlora bohloko ba tsona;

4manamane a tsona a ipha matla, a holela naheng; a tlohe, mme eba ha a sa kgutla.

5Ke mang ya lokolotseng pitsi, ya lokolotseng ditlamo tsa pitsi e hlaha,

6eo ke neileng lefeella, e be moo e dulang teng? Lehwatata la letswai ke kahello ya yona.

7E tsheha lerata la metse, lentswe la mosotetsi ha le fihle ditsebeng tsa yona.

8Dithaba ke makgulo a yona, e ipatlela tsohle tse tala.

9Na nare e tla dumela ho o sebeletsa? Na e tla robala pela sejelo sa hao na?

10Na o ka bofella nare mohomeng ka lerapo na? Kapa na e tla phophotha makote a dikgutlo, e ntse e o latela na?

11Na o ka e tshepa, kahobane e na le matla a maholo na? Kapa o tla e laelletsa ho sebetsa ha hao na?

12Na o tla e tshepa hore e tlise mabele a hao hae, le ho a thotha seotlong sa hao na?

13Mpshe e pheretla ka mapheo e thabile; e ntle ka masiba le mapheo, empa ha e na lerato.

14Hobane e ye e tlohele mahe a yona fatshe, a tle a alangwe ke lehlabathe;

15e ntse e lebetse hobane a ka hatwa ke maoto, le hoba a ka thuhwa ke sebatana sa naha.

16E thata ho madinyane a yona, jwaloka hola hase a yona; e tswetse feela, mme ha e hlokomele teng;

17ke hobane Modimo o e timile bohlale, ha o a ka wa e nea kutlwisiso;

18empa ha e emisa mapheo ho baleha, e tsheha pere le ya e kallang.

19Na ke wena ya neileng pere matla a yona, ya kgabisitseng molala wa yona ka moetse o fokaelang na?

20Na o ile wa e qotomisa jwaloka tsie na? Ho kurutla ha masoba a dinko tsa yona ho budula tshabo.

21E fata mobu, e tlolaka mane le mane ka matla; e tlolela mahareng a dibetsa;

22e tsheha tshabo, ha e tshohe letho, ha e kgelohele lerumo.

23Hodima yona ho shoromana kgohlopo, ho tsekema tjhaka le lerumo.

24E tuka mollo, e ya sisimoloha, e rusolela mobu; ha e na ho thibelwa, ha terompeta e llile.

25Ha e utlwa tlerolo ya yona, e re: Aha! ke yona! Mme e sa le hole, e fofonela ntwa le modumo wa mantswe a bahlabani le mekgosi ya ntwa.

26Na ke ka ketso ya kutlwisiso ya hao ha nkgodi e fofa, mme e otlollela nqa borwa mapheo a yona na?

27A ke ka taelo ya hao ntsu e phahamang, e ye ho haha ntlo ya yona phahameng na?

28E dula mafikeng, e ikgahella nkong ya mafika le diqhobong.

29Ha e le teng, e lalla dijo tsa yona, mahlo a yona a bonela hole.

30Madinyane a yona a anya madi; moo ditopo di leng teng, le yona e teng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help