DIPESALEME 46 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Modimo ke setshabelo sa rona.Ho monga baphokodi. Pesaleme ya bara ba Kore. Pina e binwang ka Alamothe.

1Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.

2Ka baka leo, re ke ke ra tshoha, leha lefatshe le ka sisinyeha, mme dithaba tsa tsokotseha mahareng a mawatle;

3leha maqhubu a wona a ka duma, a ntsha mafilo, mme bohale ba wona ba sisinya dithaba! (Sela.)

4Noka e teng eo melatswana ya yona e nyakallisang motse wa Modimo, sehalalelo sa meaho ya Mookamedi ya phahameng.

5Modimo o mahareng a wona; o ke ke wa sisinyeha; o fuwa thuso ke Modimo e sa le mafube a meso.

6Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.

7Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)

8Tloong, le bohe diketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatshe kateng.

9O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.

10Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!

11Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help