1Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle, wena ya beileng kganya ya hao mahodimong!
2O theile kganya ya hao ka molomo wa bana le wa ba anyeswang ka baka la ba o lwantshang, ho kgutsisa sera sa hao le moiphetetsi.
3Ha ke boha lehodimo la hao, mosebetsi wa menwana ya hao, kgwedi le dinaledi tseo o di bopileng, ke re:
4Na motho keng, ha o tla mo hopola? le mora motho keng, ha o tla mo hlokomela?
5O mo entse ya tlasana ho Modimo, o mo rwesitse kganya le boholo;
6o mo laodisitse mesebetsi ya matsoho a hao; o beile tsohle katlasa maoto a hae;
7dinku hammoho le dikgomo, le dibatana tsa naha,
8le dinonyana tsa lehodimo, le dihlapi tsa lewatle, tsohle tse itsamaelang ditseleng tsa lewatle.
9Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.