DIPESALEME 33 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Morena wa tsohle ke mosireletsi wa sethjaba sa hae.

1Lona ba lokileng, le thabele Jehova! Thoko e tshwanela batho ba lokileng.

2Rorisang Jehova ka harepa, le mminele ka thomo ya dikgole tse leshome!

3Mmineleng sefela se setjha, lohlanang ka dikgoba, le utlwahatse diletsa tsa lona le mantswe a lona!

4Hobane lentswe la Jehova le lokile, o tshepeha diketsong tsohle tsa hae.

5O rata tokelo le ho loka; lefatshe le tletse mehauhelo ya Jehova.

6Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.

7O bokella metsi a lewatle hammoho, a ka qubu; o boloka bodiba dipolokelong tsa hae.

8Lefatshe kaofela a le ke le tshabe Jehova! Baahi bohle ba lefatshe a ba ke ba thothomele pela hae!

9Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.

10Jehova o etsa merero ya batho ntho feela; o tshwephola mehopolo ya ditjhaba.

11Merero ya Jehova e tiile ka ho sa feleng, mehopolo ya pelo ya hae e eme ka ho sa yeng kae.

12Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona, le batho bao a ikgethetseng bona ho ba lefa la hae!

13Jehova o tadima a le lehodimong, o bona bara ba batho kaofela.

14Nqalong ya bodulo ba hae o lemoha baahi ba lefatshe kaofela.

15Ke yena ya bopileng dipelo tsa bona bohle, ya elang mesebetsi ya bona kaofela hloko.

16Ha ho morena ya ka hlolang ka bongata ba makgotla a hae, ha ho mohale ya ka bolokehang ka boholo ba matla a hae.

17Pere hase ntho e hlolang, motho a ke ke a phonyoha ka matla a yona.

18Bonang, mahlo a Jehova a hodima ba mo tshabang, ba tshepang mohau wa hae,

19ho holla meya ya bona lefung le ho ba phedisa mehleng ya tlala.

20Meya ya rona e itshepetse Jehova: ke yena thuso ya rona le thebe ya rona.

21Hobane pelo tsa rona di ithabela ho yena, hobane re tshepile lebitso la hae le halalelang.

22Mohau wa hao, Jehova, a o be hodima rona, jwalokaha re itshepetse wena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help