1Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.
2Ba neetse dinonyana tsa mahodimo ditopo tsa bahlanka ba hao, ba neetse dibatana tsa lefatshe nama tsa baratuwa ba hao.
3Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi ka nqa tsohle ho Jerusalema, mme ho hlokahetse ya ba patang.
4Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko.
5Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na?
6Tshollela bohale ba hao hodima ditjhaba tse sa o tsebeng, le hodima mebuso e sa rapeleng lebitso la hao.
7Hobane ba jele Jakobo, ba sentse moaho wa hae!
8O se ke wa hopola dibe tsa bontata rona moholo; mehauhelo ya hao e re tlele kapele, hobane re ba madimabe haholo.
9Oho Modimo wa poloko ya rona, ka baka la kganya ya lebitso la hao, o re thuse, o re namolele, o re tshwarele dibe tsa rona, ka baka la lebitso la hao.
10Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!
11Masisapelo a ba holehilweng a ke a fihle pela hao; ka matla a letsoho la hao o boloke ba abetsweng ho shwa.
12Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!
13Mme rona, setjhaba sa hao, mohlape oo o leng moalosi wa wona, re tla o leboha ka ho sa yeng kae, re bolele dithoko tsa hao ditloholong le ditloholwaneng!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.