II MARENA 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Elia o nkelwa lehodimong. — Elisha. — Metsi a Jeriko. — Bana ba Bethele le dibere.

1Mohla Jehova a tla nyolosetsa Elia lehodimong ka sefefo, Elia le Elisha ba tloha Gilgale.

2Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.

3Teng, bara ba baporofeta ba Bethele ba tswela ho Elisha, ba re ho yena: Ana o a tseba hobane Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? A re: E, ke a tseba; kgutsang.

4Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jeriko. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba ya Jeriko.

5Teng, bara ba baporofeta ba Jeriko ba re ho Elisha: Ana o a tseba hoba Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? Yena a re: E, ke a tseba; kgutsang.

6Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.

7Ebile ho tla teng banna ba mashome a mahlano, e le bara ba baporofeta, ba ema mabapa le bona, ba le sebakanyana; bona ba babedi ba ema lebopong la Jordane.

8Elia a nka kobo ya hae, a e tshopha, a phutla metsi; a arohana kalehare, mme ba tshela ba babedi moo ho omileng.

9Eitse hobane ba tshele, Elia a re ho Elisha: Kopa seo nka o etsetsang sona, ke eso ho tloswe ho wena. Elisha a re: A nke ke newe karolo tse pedi tsa moya wa hao.

10Yena a re: O kopile ntho e thata; empa ha o ka mpona ha ke tloswa ho wena, ho tla ba jwalo ho wena; ha o sa mpone, ho ke ke ha eba jwalo.

11Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.

12Elisha a bona hoo, a howeletsa, a re: Ntate, ntate! Koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! Ebile ha a sa mmona. A tshwara diaparo tsa hae, a di hahola koto tse pedi.

13A thola le kobo ya Elia e weleng ho yena, a boela a ya ema lebopong la Jordane.

14A nka kobo ya Elia, e weleng ho yena, a phutla metsi ka yona, a re: O kae Jehova, Modimo wa Elia? Hobane le yena a phutle metsi, a arohela ka nqa tse pedi, mme Elisha a tshela.

15Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.

16Ba ntoo re ho yena: Bona, bahlanka ba hao ba na le banna ba matla ba mashome a mahlano; ha ba ke ba ye, ba batle monga hao; ekaba mohlomong, moya wa Jehova o mo nkile, o mo lahletse thabeng e nngwe, leha e le sekgutlong se seng. A re: Le se ke la romela.

17Empa ba mo phehella, a ba a swaba, a re: Le ka romela. Ba roma banna ba mashome a mahlano, ba batla ka tshiu tse tharo, ba se ke ba mmona.

18Ba ntoo kgutlela ho Elisha, a dutse Jeriko, mme a re ho bona: Hleka ha ke a ka ka le bolella, ka re: Le se ke la ya, na?

19Yaba banna ba motse ba re ho Elisha: Motse wona o dutse botleng, jwalokaha o bona, monghadi; empa metsi a mabe, mme naha e nyopile.

20A re: Ntlisetseng lefiswana le letjha, le le tshele letswai. Ba mo tlisetsa lona.

21A ya mohloding wa metsi, a tshela letswai teng, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke phekotse metsi ana; ha ho sa tla tswa lefu teng, leha e le ho nyopa ha naha.

22Metsi a phekolwa jwalo, ho fihlela kajeno, ka polelo eo Elisha a e boletseng.

23Yaba o tloha teng, a ya Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswa hae, ba mo soma, ba re ho yena: Lefatla towe, nyoloha! lefatla towe, nyoloha!

24Yena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Yaba ho tswa dibere tse pedi tse tshehadi morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e mmedi.

25Jwale, a tloha teng, a ya thabeng ya Karmele, a ntoo boela Samaria.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help