NAHUME 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1 Wena Ninive, o futuhelwa ke ya tla o hasanya; lebela lerako, disa tsela, itiise letheka, o iphe matla a maholo!

2Hobane Jehova o tla busa kganya ya Jakobo, e leng kganya ya Iseraele; hobane balobi ba ba lobetse, ba sentse makala a merara ya bona.

3Thebe ya dinatla tsa hae e kgubedu; bahale ba hae ba apere sekarelata; ditshepe tsa makoloi di bekenya jwaloka mollo tsatsing leo a rerang makgotla a hae ka lona; ba hlakisa ka marumo a bona.

4Makoloi a kgehlemana ka matla ditseleng; a ikakgela mebileng; a tadimeha jwaloka dirumula, a tsekema jwaloka mahadima.

5Ninive o hopola bahlabani ba hae; ba kgoptjwa tseleng tsa bona, ba itlhahanela lerakong la hae, ba lokisa tshireletso!

6Menyako e hodima dinoka e a bulwa; ntlo ya borena e a heleha!

7Ho fedile: Ninive o a hlobodiswa, o iswa hole; makgabunyane a hae e itelela ka dillo tse kang tsa maebakgorwana, a iteta difuba.

8Ninive, haesale a hlaha, o ne a le jwaloka letsha la metsi a mangata. Jwale, howa balehuwa! Emang, emang! ... empa ha ho ya retelehang!

9Lobelang silefera, le lobele kgauta. Ha ho pheletso matlotlong a ntho tse bolokilweng; ke diqubuqubu tsa mesebetsi yohle e lakatsehang.

10Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!

11Letsaba la ditau le kae, leo ditawana di neng di jela ho lona, moo ho neng ho santa tau e tona le e tshehadi le ledinyane la tau, ho se ya ka di tshosang?

12Le kae letsaba la tau e neng e harolela madinyane a yona, e fenethela ditau tse tshehadi tsa yona, e be e tlatse maphao a yona nama, e tlatse le matsaba a yona ditopo tse harotsweng?

13Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla tjhesa makoloi a hao, ke a fetole mosi, mme ditawana tsa hao di tla jewa ke lerumo. Ke tla tlosa kgapo ya hao lefatsheng, mme lentswe la manqosa a hao ha le sa tla utlwahala.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help