DIPESALEME 91 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Sefela se bolelang matla a Modimo a ho sireletsa ba o tshepileng nakong tsa ntwa le tsa mafu.

1Ya dutseng sephiring sa Mookamedi ya phahameng, o phomola moriting wa Ya matla wohle.

2Ke re ho Jehova: O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka oo ke o tshepang!

3Ke yena ya o tshwasollang lerabeng la setsomi, lefung le akaretsang.

4O o kgurumetsa ka masiba a hae, o bona tshireletso katlasa mapheo a hae; nnete ya hae ke thebe le thejana.

5O ke ke wa tshaba letsoso la bosiu, leha e le motsu o bebang motshehare,

6leha e lefu le kgukgunang lefifing, leha e le tshenyo e bolayang motshehare o moholo.

7Leha batho ba ka wa ba le sekete lehlakoreng la hao, ba le diketekete letsohong la hao le letona, wena, lefu le ke ke la o atamela.

8Feela, o tla iponela ka mahlo a hao, o be o bone moputso wa ba bolotsana.

9Hobane, Jehova, o setshabelo sa ka.

O ikgethetse Mookamedi ya phahameng, hore e be setshabelo sa hao.

10Ka baka leo, tlokotsi e ke ke ya fihla ho wena, kotsi e ke ke ya atamela tente ya hao;

11hobane o tla o laella mangeloi a hae, a tle a o boloke ditseleng tsa hao kaofela.

12A tla o kakasa ka matsoho a wona, esere mohlomong leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe.

13O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.

14Erekaha a beile lerato la hae ho nna, ke tla mmoloka, ke mmee qhobosheaneng e phahameng, kahobane a tsebile lebitso la ka.

15O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.

16Ke tla mo kgorisa ka matsatsi a mangatangata, ke mmontshe poloko ya ka.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help