DIPESALEME 137 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Dillo tsa ba ileng kgolehong Babilona.

1Mabopong a dinoka tsa Babilona re ne re dutse, re lla, ha re hopola Sione;

2ra feha diharepa tsa rona meduwaneng ya teng;

3hobane, teng, ba neng ba re isitse kgolehong, ba ne ba kopa dipina ho rona, mme batubi ba rona ba ne ba re qela difela tsa thabo, ba re: A le ke le re bineleng difela tsa Sione!

4Re ka bina difela tsa Jehova jwang lefatsheng la baditjhaba?

5Ha nka o lebala, Jerusalema, letsoho la ka le letona le ke le ntebale;

6leleme la ka le ke le kgomarele mahalapa a ka, ha nka o lebala, ha ke sa bee Jerusalema hore e be thabo ya ka ya pele ho dithabo tse ding!

7Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!

8Moradi wa Babilona, ya tlang ho etswa dithako, ho lehlohonolo ya tlang ho busetsa ho wena seo o re entseng sona!

9Ho lehlohonolo motho ya tlang ho tshwara bana ba hao, a ba pshatlanye majweng!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help