MOEKLESIA 11 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Tse lokelang ba batjha. — Tsa motho ha a le makgatheng a ho shwa.

1Akgela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamora matsatsi a mangata, o tla boela o bo bone.

2Bo arolele batho ba supileng, leha ba ka roba meno e le mmedi, hobane ha o tsebe tlokotsi e ka hlahang lefatsheng.

3Ereha maru a tletse pula, a ye a e tshollele lefatsheng; leha sefate se wela nqa borwa, kapa nqa leboya moo se welang teng, ke hona moo se dulang teng.

4Ya elang moya hloko a ke ke a jala, ya tadimang maru a ke ke a kotula.

5Jwalokaha o sa tsebe tsela ya moya, leha e le kamoo masapo a bopjwang popelong ya mosadi ya emereng kateng, ho jwalo ha o tsebe mosebetsi wa Modimo o etsang tsohle.

6Jala peo ya hao e sa le hosasa, matsoho a hao o se ke o a a neela sebaka mantsiboya; hobane ha o tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba di tla mela hantle tse pedi.

7Kannete lesedi le monate, mme, mahlo a rata ho bona letsatsi;

8leha ho le jwalo, le hoja motho a ka phela ka dilemo tse ngata, a thaba ka tsona kaofela, a mpe a hopole le tshiu tsa lefifi, etswe di tla ba ngata. Tsohle tse tla hlaha ke lefeela.

9Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;

10leha ho le jwalo, o nne o tsebe hoba Modimo o tla o ahlola ka tseo tsohle. Suthisa maswabi pela pelo ya hao, o bee bolotsana hole le mmele wa hao; hobane bongwana le botjha ke lefeela!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help