I TIMOTHEA 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ditshwanelo tsa balebedi le tsa bahlanka.

1Taba ena ke ya nnete: Motho ha a rata bolebedi, o lakatsa mosebetsi o motle.

2Empa e ka kgona molebedi a hloke sekodi, e be monna wa mosadi a le mong, a be le phadimeho, le masene, le hlompheho, a rate ho amohela baeti, a lokele ho ruta.

3E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;

4ya busang ntlo ya hae hantle, ya kgannelang bana ba hae kutlong ka bokgabane bohle.

5Hobane motho ha a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, a ka disa kereke ya Modimo jwang?

6Hape, e se ke ya eba modumedi e motjha, esebe a ka ikgohomosa, mme a wela tsuong ya Diabolose.

7Hape, e ka kgona a be le bopaki bo botle bo tswang ho ba kantle, a tle a se ke a wela dihlapeng le lerabeng la Diabolose.

8Bahlanka ba kereke le bona e be banna ba bokgabane, ba se ke ba eba le maleme a mabedi, ba se ke ba hlanyetsa veine, ba se ke ba batla leruo ka thetso:

9ba boloke sephiri sa tumelo ka letswalo le hlwekileng.

10Le bona ba tshwanetse ho lekwa pele, ba ntoo bewa bahlanka, ha ba se na sekodi.

11Le bona basadi ba bona e be batho ba bokgabane, e seng baetselletsi, ba be le phadimeho le ho tshepeha nthong tsohle.

12Hape, bahlanka ba kereke e be banna ba nang le basadi ka bong, ba busang bana ba bona hantle le matlo a bona.

13Hobane ba sebeditseng tsa bohlanka boo hantle, ba ithuetse boholo bo molemo, le bonatla bo boholo tumelong e ho Jesu Kreste.

14Ke o ngolla taba tseo, leha ke tshepile hobane ke tla phakisa ke tle ho wena;

15hore, leha nka dieha, o tle o tsebe kamoo ho tshwanetsweng ho etswa kateng, ka tlung ya Modimo, eo e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.

16Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help