ESEKIELE 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho fediswa ha Jerusalema.

1Ka selemo sa boroba mono o le mong, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

2Mora motho, ingolle lebitso la letsatsi lona lena: kajeno lena, morena wa Babilona o patela Jerusalema.

3O ke o behele ntlo ya bahanyetsi papiso, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tlhatleha pitsa mollong, o e tlhatlehe, o e tshele metsi.

4O tle o kgabele disuma tsa nama ho yona, e leng dikoto tsohle tse monate, serope le letsoho; e tlatse masapo a moko.

5Ho kgethwe ho dinku tse ntle, ho bewe qubu ya patsi tlasa yona ho apela masapo; a e ke e bele le ho tsapola, le wona masapo a ke a apehwe.

6Ho jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse oa madi! ke pitsa e mafome, eo mafome a yona a sa tloheng. E tshole ka disuma tsa yona; ho se ke ha laolwa.

7Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.

8Ka hore kgalefo e nyolohe, hore ke iphetetse ho wona, ke kahoo ke beileng madi a wona lefikeng le hlobotseng, hore a se ke a apeswa.

9Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse wa madi! Le nna ke tla etsa qubu ya patsi.

10Patsi a e be ngata, mollo o beswe, dinama di apehwe, o fudue moro, masapo a tjheswe.

11O ntoo e tlhatleha e le feela mashaleng a hlenneng, hore e ke e futhumale, koporo ya yona e tjhe; ditshila tsa yona di ke di qhibidihe kahare ho yona, mafome a yona a tjheswe.

12E hohletswe haholo; leha ho le jwalo, mafome a yona ha a tlohe; mafome a yona a hlola mollo.

13Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.

14Nna, Jehova, ke boletse; taba tseo di a tla, ke tla di etsa le hona; nke ke ka latola molato, leha e le ho qenehela, mme nke ke ka sutha. O tla ahlolwa ka metsamao ya hao le ka diketso tsa hao: ho rialo Morena Jehova.

15Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

16Mora motho, bona, ka lefu le sehlooho ke tla o amoha se ratwang ke mahlo a hao. O se ke wa lla, leha e le ho bokolla, meokgo ya hao e se ke ya keleketla.

17O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi.

18Eitse hosasa, ka bolella setjhaba, mme mantsiboya, mosadi wa ka a timela; hosasane, ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng.

19Setjhaba sa re ho nna: Na o ke ke wa re qaqisetsa seo taba tseo di re tshwantshetsang sona na, ha o etsa tse jwalo?

20Yaba ke re ho bona: Lentswe la Jehova le ntletse, la re:

21Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.

22Le tla etsa jwalokaha ke entse; le ke ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja bohobe ba bofifi.

23Le tla dula, le rwetse meqhaka ya lona dihloohong, le rwetse dieta tsa lona maotong, le ke ke la lla, leha e le ho bokolla, le mpa le tla hopola makgopo a lona, le bobole maloka le banababo lona.

24Ho lona, Esekiele e tla ba pontsho ya tse tla tla; mohla tseo di hlahang, le tla etsa kahohle kamoo a entseng kateng; le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.

25Haele wena, mora motho, etlare hobane ke tlose hara bona qhobosheane ya bona, e leng thabo ya boikgohomoso ba bona, le takatso ya mahlo a bona, le hlokomelo ya meya ya bona, ke re, bara ba bona le baradi ba bona;

26tsatsing leo, ya phonyohang o tla tla ho wena, a o bolelle taba tseo ditsebeng.

27Tsatsing leo, molomo wa hao o tla bua ha ho fihla ya phonyohileng; o tla bua, ha o sa tla ba semumu, mme ho bona o tla ba pontsho ya tse tla tla, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help