SAKARIA 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Lengeloi le neng le bua le nna la boela la kgutla, la ntsosa, jwalokaha ho tsoswa motho borokong.

2La re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona kandelare e leng ya kgauta feela, e nang le nkgo ya yona ya ole ntlheng ya yona, le dilampi tsa yona tse supileng kahodimo ho yona, le dipomponyana tse supileng ho e nngwe le e nngwe ya dilampi tseo tse kahodimo ho yona;

3le mehlwaare e mmedi pela yona, o mong ka ho le letona la nkgo, o mong ka ho le letshehadi.

4Yaba ke bolella lengeloi le buang le nna, ka re: Ntho tseo keng, monga ka?

5Lengeloi le buang le nna la nkaraba, la re: Na ha o tsebe hore ntho tseo keng? Ka re: Tjhe, monga ka.

6Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!

7Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!

8Lentswe la Jehova la ntlela, la re:

9Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona.

10Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.

11Yaba ke bua le lengeloi, ka re ho lona: Mehlwaare ena e mmedi e ka ho le letona la kandelare le ka ho le letshehadi la yona keng?

12Ka boela ka bua la bobedi, ka re ho lona: Keng masihla ao a mabedi a ditholwana tsa mohlwaare tse pela pitsana tse pedi tse masoba tsa kgauta, tseo ho rothang ole ya kgauta ho tsona?

13La mpolella, la re: Na ha o tsebe hore ntho tseo keng? Ka re: Tjhe, monga ka.

14Yaba le re: Ke batlotsuwa ba babedi ba emeng pela Morena wa lefatshe lohle.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help