1Modimo, boimamelo le hlompho di teng pela hao, Sione! Dikano di phethelwa wena!
2Wena ya utlwang merapelo, batho bohle ba tla tla ho wena.
3Boima ba makgopo bo a nkimela, empa o hlakotse ditlolo tsa rona.
4Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, eo o mo atametsang pela hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla kgora tse monate tsa ntlo ya hao, tsa tempele ya bokgethehi ba hao!
5Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;
6wena ya tiisang dithaba ka matla a hao, ya apereng matla;
7ya kgutsisang modumo wa mawatle, modumo wa maqhubu a wona, le mohorohoro wa ditjhaba.
8Ba ahileng pheletsong tsa lefatshe ba tshoha mehlolo ya hao; o thabisa ba ahileng botjhabela le bophirimela.
9O lekola lefatshe, o a le nosetsa, o le ruisa haholoholo; metsi a tlala molatswaneng wa Modimo; o lokisetsa batho mabele, ha o lokisa lefatshe jwalo.
10O nosetsa boleme ba lona bo lemilweng, o phophotha makote a lona, o le nolofatsa ka dipula, mme o hlohonolofatsa dimela tsa lona.
11O rwesa selemo molemo wa hao, nala e latela mehlala ya hao;
12mehlala ya hao e medisa makgulo a nahathothe, dithota di apara thabo.
13Makgulo a tlala mehlape, diphula di apeswa ke mabele, mme ho utlwahala mehoo ya thabo le dipina.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.