DIPROVERBIA 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1O se ke wa honohela ba bolotsana, o se ke wa lakatsa ho dula le bona;

2hobane pelo tsa bona di rera tshenyeho, melomo ya bona e bolela bobe.

3Ntlo e hahuwa ka bohlale, e tiiswa ka masene,

4mme ke ka tsebo dikamore tsa yona di tlalang menono ya bohlokwa, e kgahlehang.

5Ya bohlale o na le matla, ya rutehileng o na le matla a maholo;

6ke ka masene motho a futuhang, moo baeletsi ba leng bangata a ke ke a lesa ho hlola.

7Bohlale bo phahamile, bo feta ya leahlama; a ke ke a ba le molomo kgotla.

8Ya rerang maqebo a bobe o tla bitswa rabolotsana.

9Morero wa lewatla ke sebe, mme mosomi ke manyala ho batho.

10Ha o tepella mohla tsietsi, matla a hao a manyenyane.

11Lopolla ba iswang lefung, o se ke wa lesa ho pholosa ba bolawang.

12Ha o re: Bonang, ha re ba tsebe, na ya lekanyang dipelo a ke ke a hlokomela na? Ya lebelang moya wa hao a ke ke a tseba na? Na a ke ke a putsa motho ka mong ka ho lekanang mosebetsi wa hae na?

13Ngwana ka, ja dinotshi, hoba di monate, le makgeha a dinotshi, hoba a monate lehanong la hao.

14Tsebo ya bohlale e tla ba jwalo ho moya wa hao. Ekare ha o bo fumana, moputso o tla ba teng, mme tshepo ya hao e ke ke ya timela.

15Moetsadibe, o se ke wa tjhekela ntlo ya ya lokileng mamena, o se ke wa senya moo a phomolang teng.

16Hobane ya lokileng, leha a ka wa hasupa, o tla boela a tsohe; empa baetsadibe ha ba kgoptjwa, ba wela kotsing.

17O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao; ha se kgoptjwa, pelo ya hao e se ke ya hlasimoloha,

18esere mohlomong Jehova a bona hoo, a ho fumana ho le hobe, mme a kgaotsa bohale ho yena.

19O se ke wa belaela ka baka la ba bolotsana, o se ke wa honohela baetsadibe;

20hobane ha ho moputso o boloketsweng batho ba sa lokang, mme lebone la ba babe le tla tima.

21Ngwana ka, tshaba Jehova le morena, o se ke wa itlwaetsa babelaedi;

22hobane tlokotsi ya bona e tla tshoha e hlaha hanghang, mme ke mang ya ka tsebang tshenyeho ya e mong le e mong ho bona?

23Tsena e sa ntsane e le dipolelo tsa ba bohlale:

24Ho tadima batho tshobotsi kahlolong, ha ho hotle. Ya reng ho moetsadibe: O lokile, batho ba tla mo rohaka, ditjhaba di mo hloye;

25empa ba mo kgalemelang ba tla ratwa, ba hlahelwe ke lehlohonolo le molemo.

26Ya arabang ka mantswe a kgabane o aka motho molomong.

27Hleka mosebetsi wa hao kantle, o lokise le tshimo ya hao; hamorao o tla tseba ho haha ntlo ya hao.

28O se ke wa ba paki feela ho lwantsha wa heno; o ka thetsa jwang ka melomo ya hao?

29O se ke wa re: Jwalokaha a nkentse, le nna ke tla mo etsa jwalo; ke tla busetsa ho e mong le e mong ka mesebetsi ya hae.

30Ke ne ke feta pela tshimo ya sekgoba, le pela morara wa ya leahlama;

31mme bonang, ho bo ho medile bobatsi feela, dibajwa di kwahetse hohle; lerako la majwe le ne le helehile.

32Haele nna, ka tadima, ka elellwa; la lemoha, ka inkela thuto teng:

33Borokonyana hape, le ho otsela ho honyenyane, le ho iphutha matsoho ho phomola,

34mme bofuma bo tla o fihlela jwaloka senokwane, tlala e o hlahele jwaloka motho ya o hlomeletseng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help