I SAMUELE 28 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Bafilesta ba futuhela Baiseraele. — Davida o ya le bona. — Saule a ya botsa mosadi wa Ene-Dore.

1Tshiung tseo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona, ho ya futuha le ho lwana le Baiseraele. Akishe a re ho Davida: O tsebisise hobane o tla futuha le nna makgotleng a ka, wena le banna ba hao.

2Davida a re ho Akishe: Kannete, o tla tseba seo mohlanka wa hao a tla se etsa. Akishe a boela a re ho Davida: Kannete, ke tla o bea ya mpolokang hlooho ka tshiu tsohle tsa ho phela ha ka.

3Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.

4Jwale, Bafilesta ba phutheha, ba tla, ba emisa Shuneme; le Saule a mema Baiseraele bohle, mme ba tla, ba emisa Gilboa.

5Saule, ha a bona makgotla a Bafilesta, a tshaba, le pelo ya hae ya thothomela haholo.

6Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.

7Ebile Saule o re ho bahlanka ba hae: Mpatleleng mosadi wa senohe, ke ye ho yena, ke mmotse. Bahlanka ba hae ba re ho yena: Bona, mosadi ya nohang o teng Ene-Dore.

8Kahoo, Saule a ikgakanya, a apara diaparo tsa e mong, a ya le banna ba babedi. Ba tla ho mosadi bosiu, Saule a re ho yena: Ako nnohele, mme o nnyollele eo ke tla o bolella yena.

9Mosadi a re ho yena: Bona, o a tseba kamoo Saule a entseng kateng, ha a timeditse baporofeta le dinohe fatsheng lena; ha ho le jwalo, o tjhehelang bophelo ba ka, hore ke timele?

10Saule a mo hlapanyetsa ka Jehova, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho kotsi e tla o hlahela bakeng sa taba ena.

11Mosadi a re: Ke tla o nyollela mang na? A re: Nnyollele Samuele.

12Mosadi ha a bona Samuele, a meketsa; mme mosadi a fetola Saule, a re: O nthetseditseng na, athe ke wena Saule?

13Morena a re ho yena: Se tshabe; o bonang? Mosadi a re ho yena: Ke bona modimo o mong o nyoloha fatshe.

14Saule a re ho yena: O bopehile jwang? Mosadi a re: Ke motho wa leqheku ya nyolohang; hape o apere kobo. Kahoo, Saule a tseba hobane ke Samuele; ka baka leo, a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.

15Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang.

16Samuele a re: O mpotsetsang, haele moo Jehova a o furaletse, a iphetotse sera ho wena?

17Jehova o fela a entse jwalokaha a ne a bue ka nna; Jehova a hahotse mmuso matsohong a hao, o o neile wa heno, Davida.

18Ka baka la hobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, o sa ka wa etsa ho Amaleke ka bohale ba hae bo tjhesang, ke kahoo Jehova a o etsang jwalo kajeno.

19Hape, Jehova o tla o neela, wena le Iseraele hammoho, matsohong a Bafilesta; hosasane, wena le bara ba hao, le tla ba le nna; le diahelo tsa Baiseraele, Jehova o tla di neela Bafilesta.

20Yaba Saule o namalla fatshe ke ho tshoha haholo ka baka la mantswe a Samuele; matla a ne a le siyo ho yena, ke hobane o ne a sa ka a ja letho tsatsi lohle le bosiu bohle.

21Ka baka leo, mosadi a tla ho Saule; ha a bona hobane o tshohile haholo, a re ho yena: Bona, lekgabunyane la hao le mametse lentswe la hao, ke bile ke tetse bophelo ba ka, ka mamela taba tsa hao tseo o di buileng ho nna.

22Jwale, le wena o utlwe lentswe la lekgabunyane la hao; a nke ke bee thathana ya bohobe pela hao, o je, o be le matla, ha o eya ka tsela ya hao.

23A hana, a re: Nke ke ka ja. Bahlanka ba hae hammoho le mosadi ba mpa ba mo phehella, a ba a utlwa, a tsoha fatshe, a dula malaong.

24Mosadi eo o ne a na le namane e nonneng hae; a phakisa a e hlaba; a nka le phofo, a e duba, a apeha ka yona bohobe bo sa lomoswang.

25A bea tsena pela Saule le pela bahlanka ba hae, mme ba eja; ba ntoo tloha, ba ikela ka bona bosiu boo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help